Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 3:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jwale, Jehova, Modimo wa ka, o beile mohlanka wa hao morena, tulong tsa ntate Davida; athe nna ke mohlankanyana feela, ha ke tsebe le ho itsamaisa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 “Wena, Morena Modimo wa ka, o entse hore nna mohlanka wa hao, ke be kgosi, ke hlahlame Davida, ntate. Empa nna ke sa le ngwana, ha ke tsebe hore na ho buswa jwang.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 3:7
21 Referencias Cruzadas  

Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele.


Davida o ne a re: Mora ka Salomone o sa le motjha, o sa le monyenyane, mme ntlo e tla hahelwa Jehova e ka kgona e phahame haholo ka botumo le ka kganya mafatsheng wohle; ha ho le jwalo, ke tla mo lokisetsa yona. Kahoo, Davida a lokisa tse ngata, a eso ho shwe.


Bona, o tla tswallwa mora; yena e tla ba motho wa kgotso; ke tla mo nea phomolo ho dira tsohle tsa hae ka nqa tsohle; lebitso la hae e tla ba Salomone (wa kgotso), mme ke tla bea kgotso le boiketlo Iseraeleng ka matsatsi a hae.


Yaba morena Davida o re ho phutheho kaofela: Mora ka Salomone eo Modimo o mo kgethileng a nnotshi, o sa le motjha, hape o monyenyane; athe mosebetsi o moholo; hobane ntlohadi eo hase ya motho, e mpa e le ya Jehova Modimo.


Leha o ka tloha, leha o ka kgutla, Jehova o tla o baballa, jwale le ho isa ho sa feleng.


Tshenyeho ha e tla hlaha, pelo ya motho e ye e ikgohomose, empa boikokobetso bo etella hlompho pele.


Ho madimabe lefatshe leo morena wa lona e leng ngwana, leo mahosana a lona a jang e sa le hosasa!


Yaba ke re: Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.


Jehova a re ho nna: O se ke wa re: Ke sa le ngwana, o mpe o ye ho bohle bao ke tla o romela ho bona, o bolele tsohle tseo ke tla o laela tsona.


Ke wona o hlahisang phetoho ya mehla le dinako, o tlosang marena, o phahamisang marena, o neang babohlale bohlale, o neang kelello ho batho ba ratang ho utlwisisa.


O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.


o tla lelekwa hara batho, o ahe le diphoofolo tsa naha: o tla fuwa jwang jwaloka kgomo, o bo je, mme ngwaha o tla feta hasupa hodima hao, ho fihlela o ba o tseba hore Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba batho; le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.


Morena, Modimo o hodimodimo, o ne o neile Nebukadnesare, ntatao, mmuso, le boholo, le letlotlo, le kganya;


a lelekiswa hara bana ba batho, pelo ya hae ya etswa e tshwanang le ya phoofolo, a dula le dipitsi tsa naha, a fula jwang jwaloka kgomo, mme mmele wa hae wa kolobiswa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela nako eo a tsebileng ka yona hoba Modimo o hodimodimo ke wona o nang le mmuso hodima borena ba batho, le hoba o bea eo o ratang ho mmea ho jona.


ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa.


Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha; o tla nne a kene, a tswe, a bone makgulo.


a re ho bona: Kajeno, ke na le dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; ha ke sa na ho tswa le ho kena; hape, Jehova o mpoleletse, a re: O ke ke wa tshela Jordane.


Haele Baiseraele bohle le Bajuda, ba ne ba rata Davida, ha a ntse a etswa, a oroha pontsheng ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos