Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 3:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Tloha, o ye Ninive, motseng o moholo, mme teng o tumise ditaba tseo ke o bolellang tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o phatlalletsa molaetsa oo ke o bolellang wona.”

Ver Capítulo Copiar




Jonase 3:2
13 Referencias Cruzadas  

a ho bea matsatsi ao a Purime nakong ya wona e beilweng, jwalokaha Mojuda Mordekai le mofumahadi Esthere ba ba beetse wona, le jwalokaha ba ipeetse wona le ho a beela ditloholo tsa bona, bakeng sa ditaba tsa ho itima dijo, le tsa mehoo ya bona.


Moshe a tsebisa Aarone mantswe wohle a Jehova kamoo a mo romileng kateng, le dipontsho tsohle tseo a mo laetseng tsona hore a di etse.


Wena he, itlame letheka, o eme, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona; o se ke wa tshaba pela bona, esere ka o thothometsa pela bona.


Jehova a re ho nna: O se ke wa re: Ke sa le ngwana, o mpe o ye ho bohle bao ke tla o romela ho bona, o bolele tsohle tseo ke tla o laela tsona.


O mpe o ba bolelle mantswe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se jwalo, etswe e le bahanyetsi.


Mora motho, ke o beile sebohodi sa ntlo ya Iseraele. O tle o mamele lentswe le tswang molomong wa ka, o ba tshose, o re: Ke nna ke buang le bona.


Tloha, o ye Ninive, motseng o moholo, o o hlabele mokgosi, etswe bokgopo ba wona bo nyolohetse ho nna.


Lentswe la Jehova la tlela Jonase la bobedi, la re:


Yaba Jonase o tloha, a ya Ninive, ka taelo ya Jehova. Ninive e ne e le motse o moholo pela Modimo, o tsamauwang matsatsi a mararo.


Ha ho le jwalo he, behang ditholwana tse tshwanelang pako.


Kamora tseo, Jesu a mo fumana tempeleng, a re ho yena: Bona, o fodisitswe; o se ke wa hlola o etsa sebe, hore se sebe haholo ho sa pele se tle se se o hlahele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos