Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 43:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane Jeremia a qete ho bolella setjhaba kaofela mantswe wohle a Jehova, Modimo wa bona, ao Jehova, Modimo wa bona, a mo romileng ho bona ka wona, mantswe wona ana kaofela,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Hoba Jeremia a qete ho bolella setjhaba sohle mantswe wohle a Morena Modimo wa sona, mantswe wohle ao Morena Modimo wa sona, a neng a mo romme ho se bolella wona,

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 43:1
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.


Yaba Moshe o ya, a phetela setjhaba mantswe wohle a Jehova le ditaelo tsohle tsa hae, mme setjhaba sa araba ka ntswe le le leng, sa re: Taba tsohle tse boletsweng ke Jehova re tla di etsa.


Wena he, itlame letheka, o eme, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona; o se ke wa tshaba pela bona, esere ka o thothometsa pela bona.


Jehova a re ho nna: O se ke wa re: Ke sa le ngwana, o mpe o ye ho bohle bao ke tla o romela ho bona, o bolele tsohle tseo ke tla o laela tsona.


Ho itswe ke Jehova: Eya, o eme lebaleng la ntlo ya Jehova, o bolelle ba metse kaofela ya Juda ba kenang ho ya kgumama ka tlung ya Jehova mantswe wohle ao ke o laetseng ho ba bolella wona; o se ke wa ba lobela lentswe leha le le leng.


Eitse ha Jeremia a setse a qetile ho bolela tsohle tseo Jehova a mo laetseng ho di bolella setjhaba kaofela, baprista le baporofeta le setjhaba kaofela, ba mo tshwara, ba re: O tla shwela ruri!


Mme ke fela ke le tsebisitse tsona kajeno; empa ha le utlwe lentswe la Jehova, Modimo wa lona, le tsohle tseo a nthomileng tsona ho lona.


Jwale he, le ke le itsebele hobane le tla shwa ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa, nqalong eo le ithatetseng ho ya aha teng.


Ba latotse Jehova, ba itse: Ha a yo; tsietsi e ke ke ya re hlahela, re ke ke ra bona lerumo leha e le tlala;


Etlare hobane o qete ho bala buka ena, o tlamelle lejwe ho yona, o e akgele Eufrate;


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Hobane ha ke a ka ka tswafa ho le bolella morero wohle wa Modimo.


Eyang, le eme tempeleng, le bolelle setjhaba ditaba tsohle tsa bophelo bona.


Ebile Samuele o beela setjhaba, se kopileng morena ho yena, mantswe wohle a Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos