Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 42:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Jwale he, le ke le itsebele hobane le tla shwa ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa, nqalong eo le ithatetseng ho ya aha teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Ka baka leo, tsebang hore ruri le tla bolawa ka sabole, le bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa, hona naheng eo le reng le ya jaka ho yona.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 42:22
10 Referencias Cruzadas  

Hobane tshirelo ya Faro e tla ba fetohela dihlong, le ho ipea moriting wa Egepeta ho ba fetohele sekgobo.


Ke tla romela lerumo hara bona, le tlala, le lefu la sewa, ba tle ba fele lefatsheng leo nkileng ka le neela bona le bontata bona.


Batho kaofela ba ka phehellang ho ya Egepeta le ho aha teng, ba tla shwa ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; ha ho ka ke ha eba ya tlolang wa bona, leha e le ya phonyohang pela bobe boo ke tla ba hlahisetsa jona.


O tla tla, a senye lefatshe la Egepeta; ya lokelang lefu a ye lefung, ya lokelang kgoleho a ye kgolehong, ya lokelang lerumo a ye lerumong.


Ke tla tshwara ba setseng ba Juda ba pheheletseng ho kena lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba timele kaofela; ba tla wa lefatsheng la Egepeta, ba timele ke lerumo le tlala, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ba shwe ke lerumo le tlala, ba etswe thohako, le sebabatso le manyala, le hlapa.


Ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke a phela! ba dithakong ba tla dihuwa ke lerumo; ba naheng ke tla ba nea dibatana, e be dijo tsa tsona; ba diqhobong le mahaheng ba tla shwa ke lefu la sewa.


Morena Jehova o re: Opa ka diatla, o tile ka leoto, o re: Jo nna! ka baka la manyala wohle a mabe a ntlo ya Iseraele! ba ya wa ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa!


Ya leng hole o tla shwa ke lefu la sewa, ya leng haufi a we ka lerumo; ya tla sala a ntse a bolokehile, o tla shwa ke tlala, mme ke tla phetha kgalefo ya ka ho bona.


Hobane ba se ba tla falla ka baka la tshenyeho, Egepeta o tla ba bokella, Memfise a ba epele. Ntho tse ntle tsa bona tsa silefera di tla apeswa ke bobatsi, meutlwa e mele matlung a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos