Ho bile jwalo kahobane bana ba Iseraele ba ne ba sitetswe Jehova, Modimo wa bona, ya neng a ba nyolotse fatsheng la Egepeta, le matsohong a Faro, morena oa Egepeta, ba mpa ba rapetse medimo esele;
Hosea 4:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Setjhaba sa ka se botsa sefate sa sona, mme thupa ya sona e a se eletsa, hobane moya wa bofebe o a ba kgelosa, ba feba ka ho itokolla ho Modimo wa bona. BIBELE Tjhaba sa ka se laola ka dikoqwana, melangwana ke yona e buang le sona. Moya wa bootswa o a se kgelosa, se furaletse Modimo, se etsa bootswa. |
Ho bile jwalo kahobane bana ba Iseraele ba ne ba sitetswe Jehova, Modimo wa bona, ya neng a ba nyolotse fatsheng la Egepeta, le matsohong a Faro, morena oa Egepeta, ba mpa ba rapetse medimo esele;
o mpile wa tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, mme wa kgannela Juda le baahi ba Jerusalema bohloleng, jwalokaha ntlo ya Akabe e ntse e kgannela Baiseraele bohloleng bo jwalo, o bile wa bolaya le banabeno, ba ntlo ya ntatao, ba neng ba o feta ka molemo;
Hobane ba o kwenehelang ba tla fela. O timetsa bohle ba yang ho itshilafaletsa hole le wena.
e leng ba reng ho sefate: O ntate; le ho lejwe: Ke tswetswe ke wena. Hobane ba nneile seholoholo, e seng sefahleho; empa tsatsing la tsietsi ya bona, ba re: Ema, o re pholose.
Nkile ka bona bowatla baporofeteng ba Samaria; ba porofetile ka Baale, ba kgelositse setjhaba sa ka sa Iseraele.
Haele se itlhahisang pelong tsa lona, ha le re: Re tla tshwana le ditjhaba tse ding le meloko ya mafatshe a mang, re sebeletse lehong le lejwe; ha se ka ke sa hlaha.
Hobane morena wa Babilona o eme mmileng o moholo maarohanong a ditsela tse pedi, hore a etse bonohe; o shohlomanya metsu, o botsa diterafime, o tadima sebete.
Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.
Diketso tsa bona ha di ba dumelle ho kgutlela ho Modimo wa bona, hobane moya wa bofebe o hara bona, mme Jehova ha ba mo tsebe.
Se thabe, Iseraele, ka ho nyakalla, jwaloka ditjhaba tse ding, hobane o febile ka ho tlohela Modimo wa hao, mme o ratile moputso wa bofebe diotlong tsohle tsa koro.
Ba se ke ba hlola ba hlabela diphooko tseo ba di latelang bootsweng ba tsona. Ke oo molao o sa feleng oo ba tlang ho ya ka wona melokong yohle ya bona.
nna, motho eo ke tla mo tjamela le leloko la hae; ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo, yena le bohle ba mo latelang bootsweng ba hae ho ya boka le Moloke.
Hoja motho o teng ya tsamaelang lefeela le bohata, ya thetsang ka ho re: Ke tla o porofetela bakeng sa veine le jwala! ekabeba moporofeta eo ke ya ka lokelang setjhaba sena.
Ho madimabe ya reng ho lehong: Tsoha! le ho lejwe le semumu: Ema! Na ho tla ruta lona? Bonang, le manehilwe ka kgauta le ka silefera, ha ho moya ho lona.
Tjellane eo e rokilweng, etlere ha le e tadima, le hopole ditaelo tsohle tsa Jehova, le di etse; le ke ke la batla tsa boithatelo ba dipelo tsa lona le ba mahlo a lona, kamoo bo ntseng bo le febisa kateng;
Jehova a re ho Moshe: Bona, o se o ya orohela ho bontatao, mme setjhaba sena se tla tloha se itshilafatsa ka ho ineela medimo esele ya lefatshe leo se yang ho aha hara lona; se tla mphuralla, se tlole selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.
Ba re ho yena: Ako botse Modimo, re tle re tsebe ha ekaba leeto la rona le tla atleha na?