Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 14:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Asiria e ke ke ya re pholosa, ha re sa tla palama dipere tsa ntwa. Tse entsweng ka matsoho a rona re ke ke ra hlola re re ke medimo ya rona, hobane kgutsana e utlwelwa bohloko ke wena.”

Ver Capítulo Copiar




Hosea 14:3
36 Referencias Cruzadas  

Mohlang oo, Hanani seboni a tla ho Asa, morena wa Juda, a re ho yena: Erekaha u itshetlehile ka morena wa Siria, mme o sa ka wa itshetleha ka Jehova, Modimo wa hao, ka baka leo, makgotla a morena wa Siria a o phonyohetse.


Athe o a bona; hobane o tadima hlokofalo le matshwenyeho, mme o di ngola letsohong la hao. Ya madimabe o itshepetse wena; esale o le moemedi wa kgutsana.


Le se ke la itshepela marena, leha e le bana ba batho ba sitwang ho pholosa motho!


Jehova o sireletsa baditjhaba, o emisa kgutsana le mohlolohadi; empa o kgelosa tsela ya ba bolotsana.


Pere hase ntho e hlolang, motho a ke ke a phonyoha ka matla a yona.


Ntata dikgutsana, moemedi wa bahlolohadi, ke Modimo moahong o halalelang wa wona.


Hobane le tla hlajwa ke dihlong ka baka la difate tsa dieike tseo le di thabelang, le tla nne le swabe ka baka la dirapa tsa difate tseo le kgahliswang ke tsona.


Mohlang oo, motho o tla lahlela dikgwi ti le bommankgane ditshwantsho tsa hae tsa silefera le tsa kgauta, tseo a neng a iketsetsa tsona hore a di kgumamele;


Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.


La na la re: Tjhe, re mpa re tla baleha re kaletse dipere. Ke ka baka leo le tla balehiswa. La re: Re rata ho kalla dipere tse lebelo! Ka baka leo, ba tla le lelekisa ka lebelo le fetisang.


ba theohelang Egepeta, ba eso ho botse molomo wa ka, ba tle ba balehele tshirelong ya Faro, ba itshirele ka moriti wa Egepeta.


Ho madimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso, ba itiisang ka dipere, ba tshepang makoloi ka ho re a mangata, ba tshepang le ba kallang dipere, hobane ba matla, athe ha ba tadime Mohalaledi wa Iseraele, mme ha ba batle Jehova!


Moegepeta ke motho, e seng modimo; dipere tsa hae ke nama, e seng moya. Etlare ha Jehova a otlolla letsoho la hae, mothusi o tla kgoptjwa, le ya thuswang a we, ba fele kaofela hammoho.


Jwale, o ke o etse tumellano le monga ka, morena wa Assiria, ke o nee dipere tse dikete tse pedi, ha ekaba o ka ntsha bakalli ba ka di kallang!


O ka siya dikgutsana tsa hao, nna ke tla di pholosa, le bona basadi ba bahlolohadi ba hao ba tla ntshepa.


Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


Ha ba sa tla itshilafatsa ka ditshwantsho tsa bona, le ka manyala a bona, le ka meikgantsho yohle ya bona; ke tla ba ntsha meahong yohle ya bona eo ba sitilweng ho yona, ke ba hlwekise, mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.


Efraime o ikgorisa ka moya, o phallela moya wa botjhabela. Tsatsi lohle o atisa bohata le tshenyeho. Ba hlaba selekane le Assiria, mme ole e iswa Egepeta.


Le jwale, ba sa tiisetsa ho seha; ka silefera ya bona ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng ditshwantsho tsa medimo kamoo ba ikgopoletseng kateng, e le bona; kaofela ha tsona ke mesebetsi ya ditei. Ha ba bolelwa, ho thwe: Ke ba hlabang batho, ke ba akang manamane!


Wena Efraime, ke na le taba efe le ditshwantsho? Ke nna ke mo utlwang, ke mo lebelang; nna, ke jwaloka sefate sa kiprese se setala, tholwana ya hao e fumanwa ho nna.


Ke tla tlosa mabitso a boBaale molomong wa hae, hore mabitso a bona a se ke a hlola a bolelwa.


Setjhaba sa ka se botsa sefate sa sona, mme thupa ya sona e a se eletsa, hobane moya wa bofebe o a ba kgelosa, ba feba ka ho itokolla ho Modimo wa bona.


Efraime o bone pabo ya hae, le Juda o bone seso sa hae; Efraime o ile ho Baassiria, o rometse ho morena Jarebe (motseki); empa eo a ke ke a tseba ho le thusa, a ke ke a fodisa seso sa lona.


Efraime o jwaloka leeba le sethoto; ha a na kelello. Ba bitsa Baegepeta, ba romela ho Baassiria.


Hobane eo e tswa Iseraeleng, e entswe ke lelala, hase modimo; namane ya Samaria e tla robakwa dikoto.


Hobane bona ba ya Assiria. Pitsi yona e itshalla e nnotshi; empa Efraime o ipatlela barati ka dineo.


Yaba Jehova o laela hlapi, ya hlatsetsa Jonase lebopong.


Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho lefatsheng, mme ha di sa tla hlola di hopolwa; le bona baporofeta ke tla ba falatsa lefatsheng, hammoho le moya o ditshila.


Ha nka ke ka le tlohela la ba dikgutsana; ke sa tla boela ho lona.


Feela a se ke a ipokellela dipere tse ngata, mme a se ke a busetsa setjhaba Egepeta, ho bokella dipere tse ngata; hobane Jehova o le boleletse, a re: Le se ke la boela la tsamaya ka tsela eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos