Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 14:3 - BIBELE

3 Asiria e ke ke ya re pholosa, ha re sa tla palama dipere tsa ntwa. Tse entsweng ka matsoho a rona re ke ke ra hlola re re ke medimo ya rona, hobane kgutsana e utlwelwa bohloko ke wena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 14:3
36 Referencias Cruzadas  

Ka yona nako eo, Hanani wa moporofeta a fihla ho Asa, kgosi ya Juda, a re ho yena: “Kahobane o ile wa tshepa kgosi ya Arame, wa se ke wa tshepa Morena Modimo wa hao, lebotho la kgosi ya Arame le o phonyohile.


Athe wena o bona bomadimabe le mahlomola; o a di lemoha, mme o a di laola. Ya tsielehileng o tshepile wena, ke wena mothusi wa dikgutsana.


Le se ke la tshepa mahosana, leha e le motho ya se nang matla, matla a ho pholosa.


Morena o sireletsa bajaki, o thusa kgutsana le mohlolohadi, athe merero ya ba kgopo o a e nyopisa.


Ke lefeela ho tshepa ho pholoswa ke pere ya ntwa, e ke ke ya pholosa motho ka matlahadi a yona.


Binelang Modimo, rokang lebitso la hae, lokisang tsela ya ya kaletseng maru. Lebitso la hae ke Morena, nyakallang mahlong a hae.


“Le tla hlajwa ke dihlong ke ho kgumamela fate sa eike, le swabiswe ke rapa tseo le di kgathileng.


Mohlang oo medingwana ya bohata ya silefera, le ya kgauta, eo batho ba e etseditseng ho e kgumamela, ba tla e akgella dikgwiti le bo-mmankgane.


Molato wa Jakobo o tla hlakolwa tjena, ena e be tsela ya ho fedisa sebe sa hae: Ha a fedisa dialetare tsohle tsa majwe, a di sila, a di etsa thuethue sa phofo ya mokwetla, medimo ya bohata, le tshwantsho tsa Ashera, di se di le siyo.


Le itse: ‘Tjhe, re tla palama dipere, re balehe!’ E, le tla fela le balehe! La ba la re: ‘Re tla palama tse lebelo!’ Tse le phaladisang di tla ba lebelo ho feta!


Le theohela Egepeta le sa ntherisa, tshireletso le yo e batla ho Faro, le tshabele moriting wa Egepeta.


Ho madimabe ba yang Egepeta ho kopa thuso, ba tshepileng dipere le boiyane ba kariki tsa ntwa, le bapalami ba dipere hobane e le dinatla, empa ba sa natse Ya Halalelang wa Iseraele, ba sa ipiletse ho Morena ho batla thuso.


Baegepeta ke batho ba nama, hase modimo, pere tsa bona ke tsa nama, hase tsa moya. Ha Morena a otlolla tsoho la hae, ya thusetsang o a kgothometseha, ya thusetswang ebe yena o a wa, bobedi ba bona ebe ba a timela.


“ ‘Ka baka leo, ke o tswela kgomo: Etsa ditumellano le monga ka, kgosi ya Asiria, mme ke tla o nea dipere tse dikete tse pedi, haeba o na le ba ka di palamang.


Tlohelang dikgutsana tsa lona, bophelo ba tsona ke tla bo sireletsa, bahlolohadi ba lona le bona ba ntshepe.”


Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng, mme le tla hlweka; ke le hlwekise ditshileng tsohle tsa lona, le medingwana yohle ya lona ya bohata ke e tlose.


Ba ke ke ba hlola ba itshilafatsa ka medingwana ya bona, le ka dintho tsa bona tse manyala, kapa ka e nngwe feela ya ditshito tsa bona. Ke tla ba lopolla hohle moo ba phelang teng, moo ba etseditseng sebe teng, ke ba hlwekise. E tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa bona.


Efraime yena o itshepetse lelea, o kalakatisa moya wa botjhabela, letsatsi ka leng le mo ekeletsa leshano, letsatsi ka leng le mo ekeletsa tshenyeho. Ba etsa selekane le naha ya Asiria, ole e romelwe naheng ya Egepeta.


Jwale ba etsa sebe ho ya ho ile, ba entse medingwana ka silefera e qhibidisitswe, ba etsa medingwana ya bona, medingwana ya manamane, kaofela ha yona e le mesebetsi ya ditsebi. Batho bana ha ho buuwa ka bona ho thwe: “Ha ba nyehela ka mahlabelo a bona, ba be ba ake medingwana ya manamane.”


Ekaba Efraime o sa tla etsang ka medingwana? Ke mo utlwile, ke tla be ke mo lebele. Nna ke ka sefate sa kipere, fate se setalana, ke ka thuso ya ka o behang ditholwana.”


Mabitso a bo-Baale ke tla a fedisa, le ho bitswa a ke ke a hlola a bitswa.


Tjhaba sa ka se laola ka dikoqwana, melangwana ke yona e buang le sona. Moya wa bootswa o a se kgelosa, se furaletse Modimo, se etsa bootswa.


“Ha Efraime a bona bolwetse ba hae, Juda yena a bona diso tsa hae, Efraime yena a ikela naheng ya Asiria, a ya kopa thuso ho kgosi ya mohlabani. Empa kgosi e sitilwe ho mo fodisa, ya hlolwa ho phekola diso tsa hae.


“Efraime ke leebanakgorwana, leebanakgorwana le sethoto, o ipiletsa ho Egepeta, a nto ya ho Asiria.


Namane ena e ne e etswe naheng ya Iseraele, e entswe ke lelala, empa yona hase Modimo. Namane ya Samaria e tla thuakanngwa!


Ba nyolohile, ba ikela Asiria, sa tonki e hlaha, e lelerang le naha; Efraime yena o ikgiretse basireletsi.


Yaba Morena o laela leruarua hore le hlatsetse Jonase lebopong la lewatle.


“Ka lona tsatsi leo, le tla fedisa mabitso a medimo ya bohata kahara naha, e le hore a tle a se ke a hlola a hopolwa,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tlosa le baporofeta le moya o sa hlwekang naheng ena.


Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona.


Feela kgosi eo e se ke ya ba le dipere tse ngata, esere ya etsa hore setjhaba se kgutlele Egepeta ho ya reka dipere, hobane Morena o itse ho lona: ‘Le ke ke la hlola le kgutlela ka tsela ena.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos