Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 23:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Nkile ka bona bowatla baporofeteng ba Samaria; ba porofetile ka Baale, ba kgelositse setjhaba sa ka sa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 “Ke bone sebe sa baporofeta ba Samaria, ba porofetile ka Baale, ba kgelosa tjhaba sa ka sa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:13
12 Referencias Cruzadas  

Ebile Elia o re ho bona: Tshwarang baporofeta ba Baale, ho se ke ha tlola le a mong. Ba ba tshwara, mme Elia a ba theosetsa molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela teng.


Manasse a kgelosa Bajuda jwalo le baahi ba Jerusalema, hore ba etse bobe ho fetisa ditjhaba tse neng di timeditswe ke Jehova pela bana ba Iseraele.


Badisa ba setjhaba sena ba se kgelosa, ba dumelang ho diswa ba lahleha.


Baprista ha ba ka ba re: O kae Jehova? Le ba tshwereng molao ha ba ka ba ntseba; le badisa ba kile ba nkwenehela le baporofeta ba nnile ba porofeta ka Baale, ba tsamaela ba sa thuseng letho.


Bonang, ke na le tseko le ba porofetang ditoro tsa leshano, ho bolela Jehova, ba di bolelang, ba kgelosang setjhaba sa ka ka mashano a bona le ka boikakaso ba bona; kanthe ha ke a ka ka ba roma, ha ke a ka ka ba nea taelo, mme haele ho thusa, ha ba thuse setjhaba sena letho, ho bolela Jehova.


O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.


Bofebe le veine le jwala di fedisa kelello ya bona.


Setjhaba sa ka se botsa sefate sa sona, mme thupa ya sona e a se eletsa, hobane moya wa bofebe o a ba kgelosa, ba feba ka ho itokolla ho Modimo wa bona.


Hona hohle ho tla estahala ka baka la bokwenehi ba Jakobo, le ka baka la dibe tsa ntlo ya Iseraele. Bokwenehi ba Jakobo keng? Na hase Samaria? Le nqalo tse diphahameng tsa Juda ke dife? Na hase Jerusalema?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos