Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 23:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ka baka leo, tsela ya bona ho bona e tla ba jwaloka nqalo e boreledi, e lefifi; ba tla kgothometswa, ba wele teng, hobane ke tla ba hlahisetsa tsietsi mohla ke ba kgalemelang; ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Tsela ya bona e tla thella, e thelle jwaloka e lefifing, ba tla kgarametswa, ba wele fifing leo, hobane ke tla theolela koduwa hodima bona, ka selemo sa kotlo,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:12
18 Referencias Cruzadas  

O lelekwa leseding, a ye lefifing; o tloswa lefatsheng.


Tsela ya bona e ke e be e lefifi, e thelle, lengeloi la Jehova le ba lelekise!


Ka re: O mpa o ba beile nqalong tse thellang, wa ba diha, mme ba senyehile.


Ha ba na hlalefo, leha e le kutlwisiso; ba tsamaya lefifing; metheo kaofela ya lefatshe e a kgwehla.


Jwale, tloha, o ise setjhaba moo ke o boleletseng: Bona, lengeloi la ka le tla o etella pele; mme tsatsing leo ke otlang ka lona, ke tla ba otlela tshito ya bona.


Empa tsela ya baetsadibe e jwaloka lefifi la bosiu, ha ba tsebe moo ba tla wela teng.


leha se leba fatshe, e tla ba tsieleho le lefifi le matswalo a tshabehang, mme se tla tebela botshong.


Ha ho ka ke ha phonyoha le a mong ho bona, hobane ke tla hlahisetsa batho ba Anathothe kotsi ngwaheng wa kgalemelo ya bona.


Neang Jehova, Modimo wa lona, letlotlo, a eso ho hlahise lefifi, maoto a lona a eso ho kgoptjwe dithabeng tsa bosiu, a eso ho fetole lesedi leo le le lebeletseng moriti wa lefu, le ho hlahisa botsho.


Ya balehelang mokgosi o tla wela mokoting; ya nyolohang mokoting o tla tshwaswa lerabeng; hobane ke se ke ya tlisa hodima hae, hodima Moabe, selemo sa kotlo ya bona, ho bolela Jehova.


Hlabang dipoho kaofela tsa lona, di ke di theohele polaong. Ho madimabe bona, hobane ho tlile letsatsi la bona, nako ya kgalemelo ya bona.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.


Bona, Jehova, o tadime eo o mo entseng jwalo. Ho jwang, ha basadi ba ile ba eja ditholwana tsa bona, bana bao ba bileng ba ba emara? Keng, ha ho ile ha bolawa moprista le moporofeta sehalalelong sa Morena na?


Ya fetang ba bang ka molemo o jwaloka tshehlo, le ya ba fetang ka ho loka o hlaba le ho fetisa lekgwakgwa la meutlwa. Letsatsi le boletsweng ke dibohodi tsa hao, letsatsi la kotlo ya hao le tlile; ke moo ba tla tsieleha.


Jesu a re ho bona: Le sa na le lesedi ka motsotso o se okae. Tsamayang ha le sa na le lesedi, hore lefifi le se ke la le tshwara; hobane ya tsamayang lefifing, ha a tsebe moo a yang teng.


Phetetso e tla ba ya ka, le yona tefetso mohla maoto a bona a thekeselang; hobane letsatsi la tlokotsi ya bona le haufi, mme tse lokiseditsweng bona di a akofa.


Empa ya hloileng ngwanabo, o lefifing, mme o tsamaya lefifing, mme ha a tsebe moo a yang teng, kahobane lefifi le foufaditse mahlo a hae.


ke maqhubu a hlanyang a lewatle, a akgelang mafilo a ditshila tsa wona mane le mane; ke dinaledi tse kgerang, tse lokiseditsweng botsho ba lefifi la bo sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos