Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 20:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 nna, motho eo ke tla mo tjamela le leloko la hae; ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo, yena le bohle ba mo latelang bootsweng ba hae ho ya boka le Moloke.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 nna ke tla halefela monna eo le ba leloko la hae. Ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo, mmoho le bohle ba mo etsisang, ba sebeletsang Moloke.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 20:5
13 Referencias Cruzadas  

Hape, Jorame a etsa dinqalo tse diphahameng dithabeng tsa Juda; a susumetsa baahi ba Jerusalema hore ba etse bohlola, mme a kgelosa Bajuda.


Ba itshela ditshila ka mesebetsi ya bona le ka diketso tsa bootswa ba bona.


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


Emisetsa mahlo a hao marallaneng, o tadime; ke ha e le kae moo o sa kang wa feba teng na? O ne o ntse o ba duletse ditseleng jwaloka Moarabe ya lefeelleng, mme wa silafatsa lefatshe ka bootswa ba hao le ka bolotsana ba hao.


Ke tla ba nea pelo e le nngwe le mokgwa o le mong wa ho ntshaba kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona le bana ba bona kamora bona.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke retelletsa sefahleho sa ka ho lona, ho senya le ho kgaola Juda kaofela.


Ke tla mo kgalemela ka baka la matsatsi a boBaale ao a ba tjheseditseng dibano ka wona, a bileng a latela dinyatsi tsa hae, a ikgabisitse ka lesale le ka sefaha, athe nna a ntebala, ho bolela Jehova.


hobane mma bona ke mofebi, ya ba belehileng o entse tse dihlong; hobane o itse: Ke tla latela dinyatsi tsa ka, e leng tsona tse nneang bohobe ba ka le metsi a ka, le boya ba nku, le lene, le ole, le seno.


Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara lona, a ka ja madi afe le afe, ke tla tjamela motho eo ya jang madi, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.


Ba se ke ba hlola ba hlabela diphooko tseo ba di latelang bootsweng ba tsona. Ke oo molao o sa feleng oo ba tlang ho ya ka wona melokong yohle ya bona.


Ekare ha baahi ba naha ba sa re letho ka ketso ya motho ya neetseng Moloke e mong wa bana ba hae, mme ba sa mmolaye,


Ekare ha motho a kgelohela ho ba bitsang bafu, le ho dinohe, ho ya boka le bona, motho eo ke tla mo tjamela, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos