Ha ho ya elellwang, ya nang le temoho ke kelello ya ho re: Ke besitse sekoto se seng mollong, ka mashala a sona ke apehile bohobe ba ka, ka wona ka ba ka besa le dinama tsa ka, ka ja, mme ka se seng nka etsa manyala na? Na nka kgumama pela lekala la sefate na?
Motho e mong le e mong o thotofetse, o hlokile tsebo; moqhibidisi e mong le e mong o hlabiswa dihlong ka setshwantsho sa hae, hobane setshwantsho sa hae se tsholotsweng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona.
e leng ba reng ho sefate: O ntate; le ho lejwe: Ke tswetswe ke wena. Hobane ba nneile seholoholo, e seng sefahleho; empa tsatsing la tsietsi ya bona, ba re: Ema, o re pholose.
Setjhaba sa ka se botsa sefate sa sona, mme thupa ya sona e a se eletsa, hobane moya wa bofebe o a ba kgelosa, ba feba ka ho itokolla ho Modimo wa bona.
Ho thuswang ke setshwantsho se betlilweng, ha mmetli wa sona a se betlile; le ke setshwantsho se tsholotsweng, le ke moruti wa leshano, ha mmetli a itshepela se betlilweng ke yena, a tle a etse medimo e dimumu?
Hobane diterafime di boletse lefeela, dinohe di bone dipono tsa bohata, ke toro tsa thetso tseo ba di bolelang; ba tshedisa ka tsa lefeela. Ka baka leo, setjhaba se tlohile jwaloka mohlape, ba hloreha ke ho hloka modisa.