Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ho latilwe silefera Tarshishe, e teilwe maqephenyana, le kgauta ya Ufase; e sebeditswe ke setei le ke matsoho a moqhibidisi; meaparo ke ya purepera e putswa le e kgubedu, kaofela ha ntho tseo ke mosebetsi wa ba masene.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Silefera e bateletsweng e tswa Tarashishe, kgauta yona ke e tswang kwana Ufase, ke mosebetsi wa setei, o entsweng ke lelala; medingwana e apeswa tse putswa le tse perese: Tsohle di entswe ke ditsebi tsa mesebetsi.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 10:9
12 Referencias Cruzadas  

Hobane morena o ne a na le sehlopha sa dikepe tsa Tarshishe lewatleng, hammoho le dikepe tsa Hirame; kepe tsa Tarshishe di ne di tlisa hang ka dilemo tse tharo kgauta, le silefera, le naka tsa ditlou, le ditshwene, le dipikoke.


Hobane dikepe tsa morena di ne di ya Tarshishe le bahlanka ba Hurame, mme ha ho fetile dilemo tse tharo, kepe tsa Tarshishe di ne di fihla, di tlisa kgauta le silefera, le manaka a ditlou, le ditshwene, le dipikoke.


Ditshwantsho tsa bona ke silefera le kgauta, mosebetsi wa matsoho a batho.


marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.


Tshelelang Tarshishe! Bokollang, lona ba mabapa le lewatle!


Ya sebetsang o tsholla setshwantsho, lelala la kgauta le se maneha ka yona, le se holeha ka mahlaahlela a silefera.


Tarshishe o ne a hweba le wena ka mesebetsi e mefutafuta; ba teng ba ne ba anaya tsa hao ka silefera, le tshepe, le tine, le loto.


Ka lene e ntle e homilweng ya Egepeta o ne o entse masela a hao le folaga ya hao, purepera le sekarelata sa dihlekehleke tsa Elisha o di nketse masela a hao a dilepello.


Ka emisa mahlo, ka tadima, mme bonang, monna o ne a le teng moo, ya apereng lene, ya itlamileng letheka ka senyepa sa kgauta ya Ufase.


Hobane eo e tswa Iseraeleng, e entswe ke lelala, hase modimo; namane ya Samaria e tla robakwa dikoto.


Empa Jonase a tloha ho balehela Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova. A theohela Joppo, mme teng a fihlela sekepe se yang Tarshishe; yaba o ntsha tefo ya leeto, a kena ka sekepeng hore a tle a ye le batho ba sona Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova.


Ho madimabe ya reng ho lehong: Tsoha! le ho lejwe le semumu: Ema! Na ho tla ruta lona? Bonang, le manehilwe ka kgauta le ka silefera, ha ho moya ho lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos