Modimo wa etsa dihlapi tsa ditonana, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nyekenyehang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata ka mefuta ya tsona, le tse rurang tsohle ka mefuta ya tsona. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
Genese 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le dinonyana tsohle, le ntho tsohle tse hahabang lefatsheng le dihlapi tsohle tsa lewatle di le tshabe, di tshohe ke lona; di beilwe matsohong a lona. BIBELE Diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le dinonyana tsohle tse fofang, di tla le tshaba. Dihahabi tsohle tsa lefatshe, le ditlhapi tsohle tsa lewatle, di bewa matsohong a lona. |
Modimo wa etsa dihlapi tsa ditonana, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nyekenyehang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata ka mefuta ya tsona, le tse rurang tsohle ka mefuta ya tsona. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
Modimo wa ntoo re: A re etseng motho ka setshwantsho sa rona le ka ho tshwana ha rona, mme a buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le makgomo, le lefatshe lohle, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng.
Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng.
Jehova Modimo a bopa ka mobu diphoofolo tsohle tsa naha, le tse rurang tsa mahodimo; a ntoo di tlisa ho Adama, a tle a bone hore o tla di rea mabitso a jwang, le hore mabitso ao Adama a tlang ho bitsa dintho tsohle tse utlwang ka wona e be mabitso a tsona.
Yaba ba tloha; letsoso la Modimo la eba hodima metse e mabapa le bona, batho ba teng ba se ke ba phallela bara ba Jakobo.
Yaba Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, wa re ho bona: Atang, le ngatafale, le tlale lefatsheng.
Dintho tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona; ke le neile tsona tsohle, jwalokaha ke le neile dimela tse tala.
Na o ka e tshepa, kahobane e na le matla a maholo na? Kapa o tla e laelletsa ho sebetsa ha hao na?
Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso, ke etse hore dibatana di hlokahale lefatsheng; ba tla aha lefeelleng ba iketlile, ba robale merung.
Mme ka tsatsi leo, ke tla ba etsetsa selekane le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, le tse hahabang lefatsheng; ke tla roba seqha le lerumo, ke be ke falatse ntwa lefatsheng, mme ke tla ba ahisa ka kgotso.
Ke tla le nehella dibatana tsa naha, di tle di le hlokise bana, di senye makgomo a lona, di fokotse palo ya lona, ditsela tsa lona di be di hloke batho.
Ke tla etsa kgotso naheng ya lona; le tla robala ho se motho ya le tsosang; ke tla fedisa dibatana tse harolang, mme lerumo le ke ke la feta ka naha ya lona.
Athe mefuta yohle ya diphoofolo, le ya dinonyana, le ya dihahabi, le ya tse phelang lewatleng, e na le ho thapiswa, mme e se e kile ya thapiswa ke batho.