Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 9:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Dintho tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona; ke le neile tsona tsohle, jwalokaha ke le neile dimela tse tala.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona, jwalokaha ke le neile meroho e metala. Tsena tsohle ke le nea tsona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 9:3
18 Referencias Cruzadas  

Diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le dinonyana tsohle, le ntho tsohle tse hahabang lefatsheng le dihlapi tsohle tsa lewatle di le tshabe, di tshohe ke lona; di beilwe matsohong a lona.


A se ke a ja ntho e shweleng, kapa e harotsweng, a tle a se ke a ba sesila. Ke nna Jehova.


Ke a tseba, ke bile ke kgolwa ke le ka ho Morena Jesu, hobane ha ho ntho e ka bang mpe, ka bobe boo e leng ba yona; empa motho ekare ha a dumela hobane ntho e mpe, e tla ba mpe ho yena.


hobane mmuso wa Modimo hase ho ja, hase ho nwa, empa ke ho loka, le kgotso, le thabo, ka Moya o Halalelang.


O se ke wa fedisa mosebetsi wa Modimo ka sejo sa hao. Efela ntho tsohle di hlwekile, empa motho a ka etsa hampe ha a di ja a ntse a kgopisa e mong.


Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, mme ya sa jeng tsohle le yena a se ke a ahlola ya jang tsohle; hobane Modimo o mo amohetse.


Ke dumeletswe ntho tsohle, empa hase tsohle tse nang le molemo. Ke dumeletswe ntho tsohle, empa ntho tsohle ha di hahise.


Empa leha le eja, leha le enwa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Modimo ka tsona.


Leha ho le jwalo, kamehla ha o rata, o tla hlaba, o je nama menyakong ya motse o mong le o mong, kamoo ditshitso tseo Jehova, Modimo wa hao, a o neang tsona, di leng kateng; ya sa hlwekang le ya hlwekileng ba je nama eo, jwaloka hoja ho jewa tshephe le kgama.


Ka baka leo, motho a se ke a le nyatsa tabeng ya ho ja le ya ho nwa, leha e le tabeng ya mekete, le ya dikgwedi tse ntjha, le ya disabatha,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos