Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 9:3 - BIBELE

3 Tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona, jwalokaha ke le neile meroho e metala. Tsena tsohle ke le nea tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Dintho tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona; ke le neile tsona tsohle, jwalokaha ke le neile dimela tse tala.

Ver Capítulo Copiar




Genese 9:3
18 Referencias Cruzadas  

Diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le dinonyana tsohle tse fofang, di tla le tshaba. Dihahabi tsohle tsa lefatshe, le ditlhapi tsohle tsa lewatle, di bewa matsohong a lona.


A se ke a ja nama ya phoofolo e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, hobane e tla mo silafatsa. Ke nna Morena.


Ke le wa Morena Jesu, ke a tseba, mme ke kgodisehile hore ha ho ntho e ilehang ka boyona, empa ho ya reng ntho e a ileha, ke ho yena feela e ilehang.


Mmuso wa Modimo hase taba ya dijo le dino, empa ke taba ya ho loka, ya ho ba le kgotso, le ya ho thabiswa ke Moya o Halalelang.


O se ke wa senya mosebetsi wa Modimo ka taba ya dijo. Ke nnete, tsohle di hlwekile, empa di mpe ho motho ya di jelang ho kgelosa.


Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, le ya sa di jeng a se ke a ahlola ya di jang, hobane le yena eo Modimo o mo amohetse.


Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.


Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.


“Leha ho le jwalo, le ka hlabela diphoofolo tsa lona moo le ratang teng. Le jelle nama ya tsona kahara metse ya lona, ho ya kamoo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng kateng. Ba sesila, le ba hlwekileng ba ka di ja, jwalokaha le eja nama ya tshephe, le nama ya kgama.


Jwale ho se be ya ka le ahlolelang tseo le di jang, kapa tseo le di nwang, kapa ho boloka matsatsi a mekete, kapa a ho thwasa ha kgwedi, kapa a Disabatha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos