Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 9:2 - BIBELE

2 Diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le dinonyana tsohle tse fofang, di tla le tshaba. Dihahabi tsohle tsa lefatshe, le ditlhapi tsohle tsa lewatle, di bewa matsohong a lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le dinonyana tsohle, le ntho tsohle tse hahabang lefatsheng le dihlapi tsohle tsa lewatle di le tshabe, di tshohe ke lona; di beilwe matsohong a lona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 9:2
16 Referencias Cruzadas  

Modimo a hlola dikganyapa tsa ditonanahadi, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata, ka mefuta ya tsona; le dinonyana tse fofang, ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.


Jwale Modimo a re: “A re etseng motho ka setshwano sa rona le ka sebopeho sa rona, mme a laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le makgomo, le lefatshe lohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe.”


Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”


Yaba Morena Modimo o bopa diphoofolo tsohle tsa naha ka mobu, le dinonyana tsohle tse fofang, a di tlisa ho motho ho bona hore na a ka di rea mabitso afe. Kamoo motho a ileng a bitsa sebopuoa se seng le se seng se phelang kateng, yaba hoo e se e le lebitso la sona.


Yaba ba tswela pele leetong la bona, Modimo a kenya tshabo e kgolo metseng eo ba neng ba feta ho yona, hoo baahi ba yona ba sa kang ba futuhela bara ba Jakobo.


Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe.


Tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona, jwalokaha ke le neile meroho e metala. Tsena tsohle ke le nea tsona.


Na o ka e tshepa ka baka la matla a yona? Wa e tshepela ho phetha mesebetsi ya hao e boima?


Ke tla etsa selekane sa kgotso le dinku tsa ka, ke fedise dibatana kahara naha, dinku tsa ka di iphelele ka kgotso lehwatateng, di ipothele merung.


Mohla tsatsi leo ke tla ba etsetsa selekane, ke ba etsetse sona le batana tsa naha, ke ba etsetse sona le nonyana tse fofang, le tsona dihahabi tse holobang mobung. Ke tla fedisa seqha le sabole ya ntwa, ke di fedise hona naheng eo, bohle ba tle ba phele, ba iphelele ka kgotso.


Ke tla le romela dibatana tse hlaha, tse tla harola bana ba lona, di fedise diphoofolo tsa lona, di fokotse palo ya lona, mme ditsela tsa lona di mele mohlwa.


“ ‘Ke tla le nea kgotso lefatsheng, mme le tla ithoballa, ho se letho le le tshwenyang. Dibatana tse harolang ke tla di fedisa lefatsheng, le ba lwanang ka sabole ba ke ke ba hlasela naha ya lona.


Mefuta yohle ya dibatana, ya dinonyana, ya dihahabi, le ya tse lewatleng, tsohle di ka thapiswa, ebile di thapisitswe ke bohlale ba motho,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos