Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Modimo wa ntoo re: A re etseng motho ka setshwantsho sa rona le ka ho tshwana ha rona, mme a buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le makgomo, le lefatshe lohle, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Jwale Modimo a re: “A re etseng motho ka setshwano sa rona le ka sebopeho sa rona, mme a laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le makgomo, le lefatshe lohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:26
34 Referencias Cruzadas  

A re theoheng he, re ferekanye puo ya bona hona teng, hore e mong a se ke a utlwa puo ya e mong.


Jehova Modimo a bopa ka mobu diphoofolo tsohle tsa naha, le tse rurang tsa mahodimo; a ntoo di tlisa ho Adama, a tle a bone hore o tla di rea mabitso a jwang, le hore mabitso ao Adama a tlang ho bitsa dintho tsohle tse utlwang ka wona e be mabitso a tsona.


Yaba Jehova Modimo o re: Bonang, motho o fetohile a be jwaloka e mong wa rona, o tseba botle le bobe; mme jwale, a se ke a isa letsoho la hae, a nka le ditholwana tsa sefate sa bophelo, a di ja, mme a phela kamehla.


Ke ena buka ya leloko la Adama. Ka letsatsi leo Modimo o neng o bope motho ka lona, o mmopile ka setshwantsho sa Modimo.


Ya tshollang madi a motho, le madi a hae a tla tshollwa ke motho; hobane Modimo o entse motho ka setshwantsho sa wona.


Empa ha ho ya botsang, a re: Modimo, Mmopi wa ka, o kae,


Na o ka e tshepa, kahobane e na le matla a maholo na? Kapa o tla e laelletsa ho sebetsa ha hao na?


hobane o tla ba le selekane le majwe a naha, dibatana tsa naha di be le kgotso le wena.


Le tsebe hobane Jehova ke Modimo! Ke yena ya re entseng, mme re ba hae, re setjhaba sa hae, re mohlape o aloswang ke yena.


Iseraele a ke a ithabelle Mmopi wa hae; bana ba Sione a ba ke ba hlasimolohele morena wa bona!


Feela, o tadime sena seo ke se fumaneng: ke hobane Modimo o entse batho ba lokile, empa bona ba batlile mamenemene a mangata.


Ke tla o etsetsa meqhaka ya kgauta e homilweng ka mahlo a silefera.


Hobane Jehova, mmopi wa Mahodimo, Modimo o bopileng lefatshe, moetsi wa lona ya le tiisitseng, ya sa ka a le bopela lefeela, ya mpang a le bopetse hore le ahuwe, o bolela, o re: Ke nna Jehova, e mong ha a yo.


Ka ntoo utlwa lentswe la Morena, le re: Ke tla roma mang? Ho tla ya mang bakeng sa rona? Mme ka re: Ke nna enwa, roma nna!


Empa jwale, Jehova, o ntata rona; re letsopa, mme wena o Mmopi wa rona; kaofela ha rona re mosebetsi wa matsoho a hao.


Mme jwale, ke neela mafatshe ana wohle matsohong a Nebukadnesare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka; ke mo neela le tsona diphoofolo tsa naha, di tle di mo sebeletse.


Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka; Ntate o tla mo rata, mme re tla tla ho yena, re ahe ho yena.


Empa Jesu a ba araba, a re: Ntate o sa sebetsa le jwale, le nna ke a sebetsa.


Hobane o tlisitse ditaba tse ding tse makatsang ditsebeng tsa rona; ke moo re ratang ho tseba hoba di reng?


O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;


Haele monna, yena ha a tshwanela ho rwala hloohong, hobane ke setshwantsho le kganya ya Modimo; athe mosadi ke kganya ya monna.


Jwale, rona bohle ba tadimang seiponeng kganya ya Morena, ka mahlo a se nang lesira, re fetohela setshwantshong se le seng le yena ka kganya e isang kganyeng, e leng ka Moya wa Morena.


e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


le ho apara motho e motjha, ya bopilweng ka setshwantsho sa Modimo, ho lokeng le kgalalelong ya nnete.


Ke yena e leng setshwantsho sa Modimo o sa bonweng, letsibolo la tsohle tse hlodilweng.


mme le apare motho e motjha, ya ntjhafallang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.


Athe mefuta yohle ya diphoofolo, le ya dinonyana, le ya dihahabi, le ya tse phelang lewatleng, e na le ho thapiswa, mme e se e kile ya thapiswa ke batho.


Ka lona, re ye re boke Modimo Ntate; ka lona hape, re rohake batho ba entsweng ka setshwantsho sa Modimo.


Hobane ho le ba bararo bao e leng dipaki:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos