Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Modimo wa etsa diphoofolo tsa lefatshe ka mefuta ya tsona, le makgomo ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle tsa lefatshe ka mefuta ya tsona. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Modimo a etsa diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona, le makgomo ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:25
9 Referencias Cruzadas  

Yaba nama yohle e nyekenyehang lefatsheng ya eshwa: dinonyana, le makgomo, le diphoofolo, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng, le batho kaofela.


Dintho tsohle tse neng di na le phefumoloho ya ho phela dinkong tsa tsona, kaofela ha tse dutseng moo ho omileng tsa eshwa.


O mpe o botse dikgomo, di tle di o rute; le dinonyana tsa lehodimo, di tle di o bolelle!


Pudulo ya wona e edisa mahodimo; letsoho la wona le hlaba drakone e lebelo. Bonang, tseo ke bokantle ba ditsela tsa wona;


Nke ke ka kgutsa kamoo ditho tsa yona di bopehileng kateng, le matla a yona, le botle ba sebopeho sa yona.


Ke nna ya entseng lefatshe, le batho, le diphoofolo tse bophareng ba lefatshe, ka matla a maholo a ka le ka letsoho la ka le otlolotsweng, mme ke le neela eo ke ithatelang ho mo nea lona.


hobane tsohle di halaleditswe ke lentswe la Modimo le thapelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos