Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 39:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Na o ka e tshepa, kahobane e na le matla a maholo na? Kapa o tla e laelletsa ho sebetsa ha hao na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Na o ka e tshepa ka baka la matla a yona? Wa e tshepela ho phetha mesebetsi ya hao e boima?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 39:11
16 Referencias Cruzadas  

Modimo wa ntoo re: A re etseng motho ka setshwantsho sa rona le ka ho tshwana ha rona, mme a buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le makgomo, le lefatshe lohle, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng.


Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng.


Yaba ba belesa diesele tsa bona koro, ba tloha.


Diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le dinonyana tsohle, le ntho tsohle tse hahabang lefatsheng le dihlapi tsohle tsa lewatle di le tshabe, di tshohe ke lona; di beilwe matsohong a lona.


Na o ka bofella nare mohomeng ka lerapo na? Kapa na e tla phophotha makote a dikgutlo, e ntse e o latela na?


Na o tla e tshepa hore e tlise mabele a hao hae, le ho a thotha seotlong sa hao na?


marole a rona ha a tswala, mme dikgeo, le ho patelwa, le mekgosi mapatlelong a rona di le siyo:


Ha a re letho ka matla a pere, ha a kgahliswe ke maoto a motho.


Ba bang ba ithorisa ka makoloi a bona, ba bang ka bakalli ba bona; empa rona, re tla ithorisa ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona;


Moo kgomo di leng siyo, mediko e hloka dijo; empa matla a dipholo a ekeletsa leruo.


La na la re: Tjhe, re mpa re tla baleha re kaletse dipere. Ke ka baka leo le tla balehiswa. La re: Re rata ho kalla dipere tse lebelo! Ka baka leo, ba tla le lelekisa ka lebelo le fetisang.


Boporofeta hodima diphoofolo tsa borwa. Naheng ya tsietsi, ya mahlomola, ya tau e tshehadi le tau e tona, ya qowane le noha e fofang, ba belesa matlotlo a bona ka diesele, le maruo a bona mekokotlong ya dikamele, ho ya tjhabeng seo ba ke keng ba kotula letho ho sona.


Bele o rapaladitswe, Nebo o dihilwe; ditshwantsho tsa bona di belesitswe ka dipelesa le ka diphoofolo, ditshwantsho tseo le neng le di jara di imela dipelesa tse kgathetseng ka boima ba tsona.


Modimo o ne o mo ntshe Egepeta; o na le matla a kang a nare.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos