Genese 42:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ba a re: Bonang, ke utlwile hoba koro e teng Egepeta, theohang, le ye teng, le re rekele teng, re tle re pholohe, re se ke ra shwa. BIBELE Yaba o re: “Bonang, ke utlwile hore koro e teng Egepeta; theohelang teng, le yo re sella, re tle re phele re se ke ra shwa.” |
Yaba Juda o bua, a re: Motho elwa o hlile o tiisitse, a re ho rona: Ha le ka ke la bona sefahleho sa ka, haese hobane ngwanabo lona a be le lona.
Juda a a ba a re ho Iseraele, ntatae: Roma moshanyana le rona, re tswe re tloha re tsamaya, re tle re pholohe, re se ke ra shwa, rona, le wena, le bana ba rona.
Phakisang le ye ho ntate, le re ho yena: Mora hao, Josefa, o re: Modimo o nkentse morena wa Egepeta yohle; theoha, o tle ho nna, o se ke wa dieha!
Mehleng eo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela.
Empa Jesu a araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tswang molomong wa Modimo.
Empa eitse ha Jakobo a utlwa hobane koro e teng Egepeta, a roma bontata rona teng la pele.