3 Yaba banababo Josefa ba leshome ba theoha ho ya reka koro Egepeta.
3 Jwale bana babo Josefa ba leshome ba theohela Egepeta ho ya reka koro.
Ba re: Bahlanka ba hao, re batho ba leshome le metso e mmedi, bara ba monna a le mong, naheng ya Kanana, mme e monyenyane o kwana ho ntata rona kajeno, e mong yena o se a le siyo.
A ba a re: Bonang, ke utlwile hoba koro e teng Egepeta, theohang, le ye teng, le re rekele teng, re tle re pholohe, re se ke ra shwa.
Empa haele Benjamine, moena Josefa, Jakobo ha a ka a mo roma le banababo, kahobane o ne a re: Mohlomong a ka tshoha a hlahelwa ke kotsi.
Yaba bara ba Iseraele ba ya reka, ba na le ba bang ba yang teng, hobane tlala e ne e le teng naheng ya Kanana.