3 Jwale bana babo Josefa ba leshome ba theohela Egepeta ho ya reka koro.
3 Yaba banababo Josefa ba leshome ba theoha ho ya reka koro Egepeta.
Yaba ba re: “Rona, bahlanka ba hao, re leshome le metso e mmedi, re bara ba motho, naheng ya Kanana. Bona, hona jwale wa ho fela o setse le ntata rona, athe e mong o se a shwele.”
Yaba o re: “Bonang, ke utlwile hore koro e teng Egepeta; theohelang teng, le yo re sella, re tle re phele re se ke ra shwa.”
Empa Jakobo a se ke a romela Benjamine, ngwanabo Josefa, hore a theohe le bana babo, hobane a ne a re: “Mohlomong a ka tshoha a hlahelwa ke kotsi.”
Kahoo bara ba Iseraele ba ya reka koro, jwaloka bohle, hobane tlala e ne e wele naheng ya Kanana.