Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 42:4 - BIBELE

4 Empa Jakobo a se ke a romela Benjamine, ngwanabo Josefa, hore a theohe le bana babo, hobane a ne a re: “Mohlomong a ka tshoha a hlahelwa ke kotsi.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Empa haele Benjamine, moena Josefa, Jakobo ha a ka a mo roma le banababo, kahobane o ne a re: Mohlomong a ka tshoha a hlahelwa ke kotsi.

Ver Capítulo Copiar




Genese 42:4
11 Referencias Cruzadas  

Ba re: “Tloong, re ikgaheleng motse, le tora eo tlhoro ya yona e tla fihla lehodimong; mabitso a rona a tle a tume, esere ra tshoha re qhalaqhalana le lefatshe lohle.”


Morena Modimo a re: “Bonang, motho o se a tshwana le e mong wa rona, ka ho tseba botle le bobe! Jwale a se tshohe a otlolla letsoho la hae, a kgola le sona sefate sa bophelo, a eja, mme a phela kamehla yohle!”


Bara ba Ragele ke Josefa le Benjamine.


Jwale bana babo Josefa ba leshome ba theohela Egepeta ho ya reka koro.


Jakobo a re: “Mora wa ka a ke ke a theoha le lona; moholwane wa hae o shwele, mme ke yena feela ya setseng. Haeba a ka hlahelwa ke kotsi leetong lena la lona, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Nqalong ya Bafu ka maswabi.”


Modimo ya matla wohle a ke a le fumantshe mohau ho monna eo, e le hore a tle a kgutlise ngwanabo lona e mong, esita le yena Benjamine, empa haeba nna ke amohuwa bana, ke hle ke ba amohuwe.”


Ha a phahamisa mahlo, a bona ngwanabo Benjamine, eo ba nyantseng letswele le le leng le yena, mme a re: “Na eo ke moena lona wa ho fela, eo le ileng la bua ka yena ho nna?” Yaba o re ho Benjamine: “Modimo a ke a o hauhele, mora wa ka!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos