Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 42:2 - BIBELE

2 Yaba o re: “Bonang, ke utlwile hore koro e teng Egepeta; theohelang teng, le yo re sella, re tle re phele re se ke ra shwa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A ba a re: Bonang, ke utlwile hoba koro e teng Egepeta, theohang, le ye teng, le re rekele teng, re tle re pholohe, re se ke ra shwa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 42:2
11 Referencias Cruzadas  

Jwale bana babo Josefa ba leshome ba theohela Egepeta ho ya reka koro.


Yare ha ba qetile ho ja koro eo ba neng ba e setse Egepeta, ntata bona a re ho bona: “Kgutlelang Egepeta, le yo re sella hape.”


Haeba o re dumella ho ya le moena rona, re tla theoha, re yo o sella.


Jwale Juda a re ho ntatae, Iseraele: “Ntumelle ho tsamaya le mohlankanyana, mme re tla ya, e le hore re tle re phele, re se ke ra shwa, rona le wena, le bana ba rona.


Potlakang, le nyolohele ho ntate, le re ho yena: ‘Mora wa hao Josefa o re Modimo o nkentse mmusi wa Egepeta yohle; theohela ho nna, o se ke wa dieha.


Ha nka ke ka shwa, empa ke tla phela, ke bolele mesebetsi ya Morena.


Morena o beile leihlo la hae ho ba mo tshabang, bona ba tshepileng mohau wa hae,


e le hore a tle a ba lopolle lefung, le ho ba phedisa nakong ya tlala.


Mehleng eo Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena: ‘Lokisa tsa lelapa la hao, hobane o tla shwa; o ke ke wa hlola o phela.’ ”


A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Modimo.’ ”


Eitse ha Jakobo a utlwa hore dijo di teng Egepeta, a roma bo-ntata rona kgetlo la pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos