Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 42:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse ha Jakobo a bona hoba koro e teng Egepeta, Jakobo a re ho bara ba hae: Le tadimelanang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Eitse ha Jakobo a utlwa hore koro e teng Egepeta, a re ho bara ba hae: “Keng ha le shebana?”

Ver Capítulo Copiar




Genese 42:1
13 Referencias Cruzadas  

mme dilemo tse supileng tsa tlala tsa qala ho fihla, kamoo Josefa a neng a boletse kateng, tlala ya eba teng dinaheng tsohle, empa naheng yohle ya Egepeta bohobe bo ne bo le teng.


Ba dinaha tsohle ba tla Egepeta, ho tla reka ho Josefa, hobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng lohle.


A ba a re: Bonang, ke utlwile hoba koro e teng Egepeta, theohang, le ye teng, le re rekele teng, re tle re pholohe, re se ke ra shwa.


Elia, ha a bona ho le jwalo, a tloha, a ikela ho ipholosa, a ya Beerseba wa Juda, mme a siya mohlanka wa hae teng.


Ema, hobane taba ena ke ya hao; re tla o emela, o iphe matla, o sebetse.


Setjhaba sohle se ne se tadimile se utlwa diaduma, le mahadima, le modumo wa terompeta, le thaba e ntse e kubella mosi; setjhaba eitse ha se bona tseo, sa thothomela, sa ikemela hole.


Ke moo balaedi ba bana ba Iseraele ba boneng hoba ba dutse bothateng, ha ho thwe: Le se ke la qephisa palo ya setene sa lona sa tsatsi le leng le le leng.


Re ituletse keng? Phuthehang, re kene metseng e diqhobosheane, re tle re felle teng, hobane Jehova, Modimo wa rona, o ya re fedisa, o ya re nosa metsi a mahloko, hobane re sitetswe Jehova.


Efraime o bone pabo ya hae, le Juda o bone seso sa hae; Efraime o ile ho Baassiria, o rometse ho morena Jarebe (motseki); empa eo a ke ke a tseba ho le thusa, a ke ke a fodisa seso sa lona.


Empa eitse ha Jakobo a utlwa hobane koro e teng Egepeta, a roma bontata rona teng la pele.


Tjhe, empa yare ha ba bona hoba ke abetswe ho bolella ba sa bollang Evangeli, jwalokaha Petrose a abetswe ba bolotseng —


Yaba Jehova o re ho Joshua: Tsoha; o itabanyeditseng jwalo ka sefahleho?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos