Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 41:57 - Sesotho 1909/1961 (SO)

57 Ba dinaha tsohle ba tla Egepeta, ho tla reka ho Josefa, hobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng lohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

57 Dinaha tsohle tsa tla Egepeta, ho Josefa, ho reka koro, kaha lefatshe lohle le ne le aparetswe ke tlala ya bojadikata.

Ver Capítulo Copiar




Genese 41:57
11 Referencias Cruzadas  

Jwale tlala ya eba teng lefatsheng leo; yaba Abrame o theohela Egepeta ho ya ahella teng, kahobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng leo.


mme dilemo tse supileng tsa tlala tsa qala ho fihla, kamoo Josefa a neng a boletse kateng, tlala ya eba teng dinaheng tsohle, empa naheng yohle ya Egepeta bohobe bo ne bo le teng.


Tlala e ne e aparetse naha yohle; yaba Josefa o bula mediko kaofela, a rekisa ho Baegepeta; mme tlala ya nna ya tota lefatsheng la Egepeta.


Eitse ha Jakobo a bona hoba koro e teng Egepeta, Jakobo a re ho bara ba hae: Le tadimelanang?


Yaba bara ba Iseraele ba ya reka, ba na le ba bang ba yang teng, hobane tlala e ne e le teng naheng ya Kanana.


Josefa e ne e le yena ya busang naha, ya rekisang ho batho bohle ba naha; yaba banababo Josefa ba tla, ba inamela fatshe ka difahleho pela Josefa.


Tlala ya nna ya tota lefatsheng. Eitse hobane ba qete koro eo ba neng ba e setse Egepeta, ntata bona a re ho bona: Boelang le ye ho re rekela dijonyana.


Josefa a bokella ditjhelete tsohle tse neng di le teng lefatsheng la Egepeta le lefatsheng la Kanana, e leng tsona tsa koro eo ba e rekang, mme Josefa a tlisa ditjhelete tseo ka tlung ya Faro.


Lona, le na be le hopotse ho nketsa hampe, kanthe Modimo o rerile molemo, hore o etse se hlahileng kajeno lena, o pholose tjhaba se sengata.


esere mohlomong ba ahileng naheng eo o re ntshitseng ho yona, ba re: Erekaha Jehova a sitilwe ho ba kenya lefatsheng leo a ba baletseng lona, hape a ba hloile, ke ka hona a ba ntsheditseng ho ba bolaela lefeelleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos