Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 41:57 - BIBELE

57 Dinaha tsohle tsa tla Egepeta, ho Josefa, ho reka koro, kaha lefatshe lohle le ne le aparetswe ke tlala ya bojadikata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

57 Ba dinaha tsohle ba tla Egepeta, ho tla reka ho Josefa, hobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng lohle.

Ver Capítulo Copiar




Genese 41:57
11 Referencias Cruzadas  

Tlala ya eba teng naheng eo; yaba Aborame o theohela Egepeta ho ya jakajaka teng, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Kanana.


mme dilemo tse supileng tsa tlala tsa qala ho fihla jwalokaha Josefa a ne a boletse. Tlala ya eba teng dinaheng tsohle, empa naheng yohle ya Egepeta dijo di ne di le teng.


Ha tlala e se e aparetse lefatshe lohle, Josefa a bula disiu tsohle, mme a rekisetsa Baegepeta koro, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Egepeta.


Eitse ha Jakobo a utlwa hore koro e teng Egepeta, a re ho bara ba hae: “Keng ha le shebana?”


Kahoo bara ba Iseraele ba ya reka koro, jwaloka bohle, hobane tlala e ne e wele naheng ya Kanana.


Josefa e ne e le mmusi wa naha; e le yena ya rekisetsang batho bohle ba lefatshe koro. Bana babo Josefa le bona ba tla, ba inama, kapele ho yena.


Naheng ya Kanana tlala e ne e le ya bojadikata.


Josefa a bokella tjhelete yohle e neng e fumanwa naheng ya Egepeta le ya Kanana ha ho ntse ho rekiswa koro, mme a e isa tlung ya Faro.


Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.


esere baahi ba naha eo o se ntshitseng ho yona ba re: Kahobane Morena a sitilwe ho fihlisa setjhaba sena naheng eo a neng a se hlapanyeditse yona, kapa kahobane a se hloile, o ile a se ntsha Egepeta ho tla se bolaela lehwatateng mona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos