Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 43:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Juda a a ba a re ho Iseraele, ntatae: Roma moshanyana le rona, re tswe re tloha re tsamaya, re tle re pholohe, re se ke ra shwa, rona, le wena, le bana ba rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Jwale Juda a re ho ntatae, Iseraele: “Ntumelle ho tsamaya le mohlankanyana, mme re tla ya, e le hore re tle re phele, re se ke ra shwa, rona le wena, le bana ba rona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 43:8
14 Referencias Cruzadas  

A ba a re: Bonang, ke utlwile hoba koro e teng Egepeta, theohang, le ye teng, le re rekele teng, re tle re pholohe, re se ke ra shwa.


Empa a re: Moraka a ke se ke a tsamaya le lona; hobane moholwane wa hae o shwele, mme yena o siilwe a nnotshi; ekare ha a ka hlahelwa ke kotsi leetong leo le le tsamayang, le tla theosetsa moriri wa ka o moputswa nqalong ya bafu ka bohloko.


Ra re ho morena rona: Re na le ntata rona, motho ya tsofetseng, le ngwana ya mo hlahetseng botsofading ba hae, e monyenyane: ngwanabo o shwele, mme ke yena ya setseng wa mmae a nnotshi, mme ntatae o a mo rata.


Ra re ho yena: Re sitwa ho boela; ekare ha ngwanabo rona e monyenyane a na le rona, ke hona re ka theohang, hobane re ke ke ra bona sefahleho sa monna eo, ha ngwanabo rona e monyenyane a se ho rona.


Mme, jwale, o filwe tokelo ke nna, etsang hona: nkang naheng ya Egepeta makoloi a latang bana ba lona, le basadi ba lona; mme le nke ntata lona, le tle.


Se tshabeng, le tla fepjwa ke nna, lona le bana ba lona. Mme a ba tshedisa, a bua le dipelo tsa bona.


le ba ntlo ya Josefa kaofela, le banababo, le ntlo ya ntatae; ha sala bana ba bona, le manku le makgomo a bona feela naheng ya Goshene.


E mong wa bahlanka ba hae a mo fetola, a re: Ho nkwe pere tse hlano ho tse setseng, tse siilweng motseng, leha di fokotse jwaloka bongata bohle jwa Baiseraele ba setseng motseng; di fokotse jwaloka bongata jwa Baiseraele ba timelang. A re romeleng, re tle re bone.


Ha re ka re, re tla kena motseng, tlala e kgolo e teng motseng, mme re tla shwela teng; leha re ka itulela mona, le teng re tla shwa; a re ke re yeng, re itahleleng diahelong tsa Basiria; ha ba re tlohela re phela, re tla phela; leha ba ka re bolaya, re tla shwa.


Yare re sa le nokeng ya Ahava, ka bolela tsatsi la ho itima dijo, re tle re ikokobetse pela Modimo wa rona, hore re ikopele ho wona leeto le letle la rona, le la bana ba rona, le la ntho tsohle tsa rona.


Nke ke ka shwa, empa ke tla phela, ke bolele diketso tsa Jehova.


Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.


Haele bana ba lona, bao le itseng ba tla hapuwa, ke tla ba kenya teng, mme ba tla tseba naha eo le e nyatsitseng.


Rubene a ke a phele, a se ke a shwa, mme palo ya batho ba hae e se ke ya eba nyenyane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos