Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 43:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke itlama bakeng sa hae, o tla mmatla letsohong la ka, mme ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea pela hao, ke tla ba molato ho wena kamehla;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ke itlama ka yena; o tla mmatla ho nna. Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea matsohong a hao, ke tla ba molato ho wena bophelong ba ka bohle.

Ver Capítulo Copiar




Genese 43:9
16 Referencias Cruzadas  

Ha ke a ka ka o tlisetsa tse harotsweng; ke nna ke senyehetsweng ke tsona; o batlile diatleng tsa ka tse utswitsweng motshehare, le tse utswitsweng bosiu.


Rubene a arabela ntatae, a re: Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, o tle o bolaye bara ba ka ba babedi; nnee yena matsohong a ka, mme ke tla mmusetsa ho wena.


hobane hojane ha re a dieha, re ka be re se re boile makgetlo a mabedi jwale.


Kannete ke tla batla madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla ho tsohle tse phelang; ke tla batla bophelo ba motho ho motho, le ho ngwanabo motho.


Mosadi wa Tekowa a re ho morena: Morena, monga ka, molato o ke o bewe hodima ka le hodima ntlo ya ntate, morena yena a hloke molato, le yona terone ya hae.


Ha ho se jwalo, etlare morena, monga ka, ha a se a orohetse ho bontatae, re tla etswa ba molato, nna le mora ka Salomone.


Ako mpeele selebeletso bakeng sa ka; hobane ke mang ya ka nkemelang a ntshwere ka letsoho?


o emele mohlanka wa hao ho mmoloka! Baikakasi ba se ke ba ntuba!


Ha nka re ho molotsana: Kannete o tla shwa! ... ha o sa mo tshose, o sa bue ho tshosa molotsana, hore a kgelohe tsela ya hae e kgopo, o tle o mo pholose, molotsana eo o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.


Ya lokileng, leha a ka kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mohla ke beileng kgopiso pela hae, o tla shwa; ha o sa ka wa mo tshosa, o tla shwa ka sebe sa hae, mme ha ho ka ke ha thwe letho ka tse lokileng tseo a di entseng; empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.


Haele sebohodi, ekare ha se bona lerumo le etla, se sa letse phala, mme setjhaba se sa eletswe, leha lerumo le ka tla, la ya le e mong wa bona, etlaba eo o shwele ka bokgopo ba hae, empa ke tla batla madi a hae letsohong la sebohodi.


Ha nka re ho molotsana: Molotsana, kannete o tla shwa! ... ha o sa bue ho eletsa molotsana eo hore a furalle mokgwa wa hae, molotsana eo o tla timela ka bokgopo ba hae, empa ke tla batla madi a hae letsohong la hao.


hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng, haesale lefatshe le thewa, a batlwe ho moloko ona,


ke moo ho bonahalang hoba Jesu o beilwe mmuelli wa selekane se fetisang sa pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos