Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 43:9 - BIBELE

9 Ke itlama ka yena; o tla mmatla ho nna. Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea matsohong a hao, ke tla ba molato ho wena bophelong ba ka bohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke itlama bakeng sa hae, o tla mmatla letsohong la ka, mme ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea pela hao, ke tla ba molato ho wena kamehla;

Ver Capítulo Copiar




Genese 43:9
16 Referencias Cruzadas  

Ha ke a ka ka o tlitsetsa tse harotsweng ke dibatana; tseo e ile ya eba tse senyehetseng nna, hobane o ile wa di batla matsohong a ka, ebang di ne di utswitswe motsheare kapa bosiu.


Yaba Rubene o re ho ntatae: “O tle o bolaye bara ba ka ba babedi ha ke sa mo kgutlisetse ho wena. Nnee yena matsohong, mme ke tla mo kgutlisetsa ho wena.”


Hoja ha re a ka ra dieha, jwale re ka be re se re boetse habedi.”


Madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla. Ke tla a batla dibataneng tsohle, le matsohong a motho. Ke tla batla bophelo ba motho matsohong a ngwanabo.


Yaba mosadi enwa wa Tekowa o boela a re ho kgosi: “Oho, monga ka, kgosi, molato ona e be wa ka, le wa lelapa leso; wena, kgosi, le lelapa la hao, le hloke molato.”


Ho seng jwalo, etlare ha monga ka, kgosi ya ka, a se a shwele, ebe ho thwe rona le mora wa ka Solomone, re mahlabaphiyo!”


“Nkgolwe, Modimo, ke bua nnete, ha ho na e mong ya ka mpakelang;


Sireletsa mohlanka wa hao, mohlanka wa hao a tle a atlehe, baikgohomosi ba se ke ba mo hatella.


Ha ke re ho ya kgopo: ‘Ruri o tla shwa,’ mme wena o sa mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, e le hore a pholose bophelo ba hae, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa madi a hae ke tla a batla ho wena.


“Hape ha motho ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bobe, mme ke bea sekgopi tseleng ya hae, o tla shwa. Kahobane ha o a ka wa mo eletsa, o tla shwa ka baka la sebe sa hae. Ho loka ha hae, hoo a kileng a ho etsa, ho ke ke ha hopolwa, empa madi a hae ke tla a batla ho wena.


Le teng haeba molebedi a bona ho futuhelwa setjhaba ka sabole, feela a sa letse lenaka ho hlabela setjhaba mokgosi, eba motho e mong o bolawa ka sabole, motho eo o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, empa madi a motho eo wona ke tla a batla ho molebedi eo.’


Ha nna ke re ho ya kgopo: ‘Ruri o tla shwa,’ eba wena ha o mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, mme madi a hae wona ke tla a batla ho wena.


hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng haesale lefatshe le thewa, a tle a batlwe ho moloko ona,


Ka baka leo, Jesu e bile motiisi wa selekane se molemo ka ho fetisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos