A re a sa dikadika, banna bao ba mo tshwara ka letsoho, ba tshwara le letsoho la mosadi wa hae, le matsoho a baradi ba hae ba babedi, ka baka la mohau wa Jehova ho yena, mme ba mo ntsha, ba mo tlohela kantle ho motse.
Yaba Iseraele, ntata bona, o re ho bona: Ha e ka kgona ho be jwalo, etsang hona: Kenyang mekotleng ya lona dintho tsa bohlokwa tsa naha, le nyehelle motho eo ka tsona; le nkeng balsame, le dinotshi, le dinoko, le mirra, le ditholwana, le diamanda.