Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 43:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba Iseraele, ntata bona, o re ho bona: Ha e ka kgona ho be jwalo, etsang hona: Kenyang mekotleng ya lona dintho tsa bohlokwa tsa naha, le nyehelle motho eo ka tsona; le nkeng balsame, le dinotshi, le dinoko, le mirra, le ditholwana, le diamanda.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Jwale ntata bona Iseraele a re ho bona: “Ha ho tlameha ho ba jwalo, etsang tjena: Nkang ditholwana tse kgahlehang tsa naha ena, le di tshele ka mekotleng ya lona, le di ise ho monna eo e le mpho: e be ditlolo, mahe a dinotshi, boroku, mmira, le ditholwana tsa sefate sa hoki, le tsa sefate sa mofuta wa perekisi.

Ver Capítulo Copiar




Genese 43:11
37 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o re: Tjhe bo, ke a o rapela, ha ke fela ke fumane mohau mahlong a hao, ako amohele nyehelo ya ka letsohong la ka, etswe ke tadimile sefahleho sa hao, jwalokaha motho a tadima sefahleho sa Modimo, mme wa nthabela.


Yaba ba dula ho ja bohobe. Yare ha ba emisa mahlo a bona, ba bona sehlopha sa Baishmaele se etswa Gileade, dikamele tsa bona di belesitse dinoko, le balsame, le mirra, ba tsamaya, ba di isa Egepeta.


hobane hojane ha re a dieha, re ka be re se re boile makgetlo a mabedi jwale.


Modimo o matla wohle o ke o le fumanise mohau ho motho eo, a tle a le buseletse ngwanabo lona e mong le Benjamine! Haele nna, ha ke timellwa ke bana, ke mpe ke timellwe!


Yaba banna bao ba nka nyehelo eo, ba nka le tjhelete e nngwe hape matsohong a bona, ba nka le Benjamine, ba tloha, ba ya Egepeta, ba hlaha pela Josefa.


Ba lokisa nyehelo ho e beela Josefa ha a etla motshehare; ka hoba ba ne ba utlwile hore ba tla ja teng.


Eitse ha Josefa a etla ka tlung, ba mo tlisetsa tlung nyehelo eo ba nang le yona matsohong, mme ba inamela fatshe pela hae.


ho sa balwe e tliswang ke bahwebi, le e bapatswang ke barekisi, le e tswang ho marena wohle a Arabia le ho babusisi ba naha ya hae.


E mong le e mong o ne a tlisa mpho ya hae ya dipitsa tsa silefera, le dipitsa tsa kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le diesele. E bile taba tsa lemo se seng le se seng.


Selekane se teng mahareng a ka le wena, jwalokaha se ne se le teng mahareng a ntate le ntatao; bona, ke rometse mpho ya silefera le kgauta ho wena; tloo, o kgaole selekane sa lona le Baesa, morena wa Iseraele, hore a tle a ntlohele.


Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


Akase a nka silefera le kgauta tseo a di fumaneng ka tlung ya Jehova le bobolokelong ba ntlo ya marena, a di romela ho morena wa Assiria ka mokgwa wa nyehelo.


Mehleng eo, Berodake-Baladane, mora Baladane, morena wa Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Esekiase; hobane o ne a utlwile hore Esekiase o ne a kile a kula.


Morena a re ho Hasaele: Nka mpho, o ye, o kgahlanyetse monna wa Modimo, o botse Jehova ka yena, o re: Ana ke tla fola lefung lena na?


Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele.


o le tempeleng ya hao, o okametse Jerusalema; marena a tla o tlisetsa dinyehelo tsa wona.


marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.


Ikaneng ho Jehova, Modimo wa lona, le ntoo mo lefela; ditjhaba tsohle tse kamathoko di ke di tlise dinyehelo ho Modimo o tshabehang.


Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


Ya se nang kelello ke ya phathatsanang le e mong ka letsoho; o itlama ka molato wa wa habo.


Mpho ya motho e mo etsetsa sebaka, e mo atametsa pela ba baholo.


Ba bangata ba qekisa motho e moholo, e mong le e mong ke motswalle wa motho ya fanang.


Mpho ya sephiring e kokobetsa bohale; neo e sunngwang sefubeng e fedisa hlonamo.


Kgahliso e kakang leratong la hao, ngwaneso, molebeletswa wa ka! Lerato la hao le monate ho fetisa veine hakakang; monko wa menkwane ya hao o fetisa wa menkwane e meng kaofela.


Ke nareda le saforane, le kalamuse le sinnamone, le difate tsohle tse tswang menkwane, mirra le alwe, le tse fetisang tsohle hara dinonetso.


Moratuwa wa me, baleha, o lekise tshephe, leha e le namane ya kgama, dithabeng tsa menkwane!


Na ha ho sehlare Gileade, ha ho ngaka teng na? Ke ka baka lang ha leqeba la moradi wa setjhaba sa ka le sa tlamellwe?


Bana ba Dedane ba ne ba hweba le wena; dihlekehleke tse ngata di ne di le matleng a hao ho hweba le wena, di o lefa ka meno a ditlou le motsweri.


Le Bajuda le ba naha ya Iseraele ba ne ba hweba le wena le bona, ba ananya tsa hao ka koro ya Minnithe, le maqebekwane, le dinotshi, le ole, le balsame.


Bahwebi ba Sheba le ba Raema le bona ba ne ba hweba le wena, ba ananya tsa hao ka dinoko tse kgethehileng, le mahakwe a mefutafuta, le kgauta.


Ke le boleletse, ka re: Ke lona le tlang ho rua naha ya tsona, mme ke tla le fa yona, e be ya lona; ke naha e kollang lebese le dinotshi. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le ditjhaba.


A hana ho kgodiswa ke rona, ra ba ra kgutsa, ra re: Ho etswe se ratwang ke Morena!


le ka tse monate tse mediswang ke letsatsi le ka tse monate tse melang ka dikgwedi tsohle;


Mpho ke ena eo lekgabunyane la hao le tlileng le yona ho monghadi; e ke e newe bahlankana ba tsamayang le monga ka.


Ebile Saule o re ho mohlanka wa hae: Empa, ha o bona, leha re ka ya, monna eo re ka mo isetsang? Hobane bohobe bo neng bo le mekotleng ya rona bo fedile, mme ha re na mpho eo re ka e neang monna wa Modimo; re na le eng?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos