Genese 43:11 - BIBELE11 Jwale ntata bona Iseraele a re ho bona: “Ha ho tlameha ho ba jwalo, etsang tjena: Nkang ditholwana tse kgahlehang tsa naha ena, le di tshele ka mekotleng ya lona, le di ise ho monna eo e le mpho: e be ditlolo, mahe a dinotshi, boroku, mmira, le ditholwana tsa sefate sa hoki, le tsa sefate sa mofuta wa perekisi. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)11 Yaba Iseraele, ntata bona, o re ho bona: Ha e ka kgona ho be jwalo, etsang hona: Kenyang mekotleng ya lona dintho tsa bohlokwa tsa naha, le nyehelle motho eo ka tsona; le nkeng balsame, le dinotshi, le dinoko, le mirra, le ditholwana, le diamanda. Ver Capítulo |
“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”