Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 38:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mehleng eo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Mehleng eo Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena: ‘Lokisa tsa lelapa la hao, hobane o tla shwa; o ke ke wa hlola o phela.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 38:1
16 Referencias Cruzadas  

A re: Ngwana ha a ne a sa phela, ke ile ka itima dijo, ka ba ka lla, ka re: Ho tseba mang? Ekaba Jehova o tla nkgauhela ka ho pholosa ngwana!


Jwale, Akitofele, ha a bona hore ha ho etswe ka keletso ya hae, a qhaneha esele ya hae, a tloha, a ya hae motseng wa habo; a hleka ntlo ya hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Tshiung tseo, Esekiase a kula, a batla a eshwa; a rapela Jehova, mme Jehova a bua le yena, mme a mo nea mohlolo.


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Tshenolo ya Esaia, mora Amotse, eo a e senoletsweng hodima Juda le Jerusalema, mehleng ya Osiase, le ya Jothame, le ya Akase, le ya Esekiase, marena a Juda:


Yaba o roma Eliakime, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le baholo ba baprista, ho moporofeta Esaia, mora Amotse, ba ikapesitse ka masela a mahwashe.


Yaba Esaia, mora Amotse, o romela ho Esekiase, a re: Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ka thapelo eo o nthapetseng ka yona, bakeng sa Sankeribe, morena wa Assiria,


Eitse ha Modimo o bona ho etsa ha bona, kamoo ba sokolohang metsamaong ya bona e mebe kateng, Modimo le wona wa kgutla bobeng boo o neng o itse o tla bo etsa ho bona, mme ha o a ka wa bo etsa.


Jonase a qala ho kena motseng, a etsa leeto la letsatsi le le leng, a ntse a howa, a re: Kamora matsatsi a mashome a mane, Ninive o tla timetswa.


A tshwarwa ke bohloko mohlang oo, a shwa. Yare hobane ba mo hlatswe, ba mmea phaposing e kahodimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos