Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 38:1 - BIBELE

1 Mehleng eo Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena: ‘Lokisa tsa lelapa la hao, hobane o tla shwa; o ke ke wa hlola o phela.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mehleng eo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 38:1
16 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho bona: “Ha ngwana a ne a sa phela ke ile ka itima dijo, ka lla, hobane ke ne ke re: ‘Ke mang ya tsebang haeba mohlomong Morena a ka tshoha a nkgauhela, mme ngwana a phela?’


Ha Ahitofele a bona hore ha ho uwe ka keletso ya hae, a qhaneha tonki ya hae, a tsamaya, a ipoella tlung ya hae, motseng wa habo. Ha a se a laile ba lelapa la hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Mehleng eo Hesekiya a kulela lefu, mme a rapela Morena. Morena a mo araba, a mo etsetsa mohlolo.


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Ena ke pono eo Esaya, mora wa Amose, a neng a e senolelwe mabapa le Juda le Jerusalema, mehleng ya ha ho busa Usiya le Jotame le Akase le Hesekiya, dikgosi tsa Juda.


Yaba o roma Eleakime, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la hae, le Shebena, eo e neng e le mongodi, le baprista ba baholo, ba apere tse mahwashe. A ba roma ho moporofeta Esaya, mora wa Amose.


Yaba Esaya, mora wa Amose, o romela molaetsa ho Hesekiya, o re: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke utlwile thapelo ya hao malebana le Saneheribe, kgosi ya Asiria.’ Ka baka leo, Morena o buile mantswe ana malebana le Saneheribe:


Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla.


Jonase a tsamaya hara motse ka letsatsi la pele, a nto howa, a re: “Kamora matsatsi a mashome a mane feela, Ninife e tla be e timeditswe!”


Matsatsing wona ao a kula, mme a shwa. Hoba a hlatsuwe, a bewa kamoreng e kahodimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos