Genese 16:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Sarai, mohatsa Abrame, o ne a sa mo tswalle bana, empa o ne a na le lekgabunyane le tswang Egepeta, le bitswang Agare. BIBELE Sarai, mosadi wa Aborame, o ne a sa ka a mo tswalla bana, empa o ne a ena le lekgoba la mosadi eo e leng Moegepeta, le bitswang Hagare. |
Yaba Faro o etsa Abrame hantle ka baka la Sarai, mme Abrame a rua dinku, le dikgomo, le diesele, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le diesele tse tshehadi, le dikamele.
Yaba Modimo o re ho Abrahama: Ho se ke ha eba bohloko ho wena bakeng sa moshanyana le sa lekgabunyane la hao; polelo tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, o mpe o di mamele, hobane ka Isaaka ho tla tswa lesika le tla reellwa wena.
Isaaka a rapela Jehova bakeng sa Rebeka, mosadi wa hae, hobane e ne e le nyopa; Jehova a utlwa thapelo ya hae, mme Rebeka, mosadi wa hae, a emola.
Mme bona, Elisabetha, motswalao, le yena o emere mora botsofading ba hae; kgwedi ena e se e le ya botshelela ya ya neng a bitswa nyopa.
Empa ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, hape ba ne ba se ba hodile ba babedi.
Mme taba tseo ke setshwantsho; hobane basadi bao ke dilekane tse pedi; se seng e le sa thaba ya Sinai, se tswalang ba rekwang; seo ke Agare —
Monna o ne a le teng Tsorea, wa leloko la Dane, lebitso la hae e le Manowa; mosadi wa hae e ne e le nyopa, a sa tswale bana.
empa o ne a nea Anna seabo sa batho ba babedi, hobane o ne a rata Anna, leha Jehova a ne a mmeile nyopa.