Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 16:1 - BIBELE

1 Sarai, mosadi wa Aborame, o ne a sa ka a mo tswalla bana, empa o ne a ena le lekgoba la mosadi eo e leng Moegepeta, le bitswang Hagare.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Sarai, mohatsa Abrame, o ne a sa mo tswalle bana, empa o ne a na le lekgabunyane le tswang Egepeta, le bitswang Agare.

Ver Capítulo Copiar




Genese 16:1
13 Referencias Cruzadas  

Sarai e ne e le nyopa, a se na ngwana.


Ka baka la mosadi eo, Aborame a baballeha. A newa mehlape ya dinku le ya dikgomo, makgoba a banna le a basadi, ditonki tse tona le tse tshehadi, le dikamele.


le ya Baamore, le ya Bakanana, le ya Bagirigashe, le ya Bajebuse.”


Empa Modimo a re ho Aborahama: “O se ke wa utlwa bohloko ka baka la moshanyana, le ka baka la mosadi wa hao wa lekgoba. Mamela tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, hobane ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.


A aha lehwatateng la Parane, mme mmae a mo nyadisa mosadi ya tswang naheng ya Egepeta.


Isaka a rapella mosadi wa hae ho Morena, hobane e ne e le nyopa, mme Morena a utlwa thapelo ya hae, Rebeka mosadi wa hae ya eba moimana.


Bona, mong ka wena, Elisabetha le yena o emotse mora botsofading ba hae, mme kgwedi ena ke ya botshelela ho ya neng a bitswa nyopa,


Feela ba ne ba se na ngwana, hobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba hodile.


Taba tseo ke papiso. Basadi bao ba tshwantsha dilekane tse pedi. Se seng se tswang thabeng ya Sinai, se tshwantshwa ka Hagare, ya tswalang makgoba.


Ho ne ho ena le monna ya bitswang Manowa, ya neng a ahile Sora. E ne e le wa morabe wa Dane. Mosadi wa hae e ne e le nyopa.


Empa Anna yena o ne a ye a mo fe diabo tse pedi, hobane o ne a mo rata, le hoja Morena a ne a mo timme thari.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos