Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 16:2 - BIBELE

2 Sarai a re ho Aborame: “Morena o ntlhokisitse thari; ka baka lena eya, o kene dikobong tsa lekgoba lena la mosadi, mohlomong ke tla ba le bana ka lona.” Aborame a dumela kopo ya Sarai.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Sarai a re ho Abrame: Bona hle, Jehova o ntlhokisitse pelehi; ako kene ho lekgabunyane la ka, ekaba ke tla fuwa bana ka yena. Abrame a dumela lentswe la Sarai.

Ver Capítulo Copiar




Genese 16:2
16 Referencias Cruzadas  

Sarai e ne e le nyopa, a se na ngwana.


Ke tla mo hlohonolofatsa, ke be ke o fe mora ka yena. Ke tla mo hlohonolofatsa; e tla ba mma ditjhaba, mme dikgosi tsa ditjhaba di tla tswa ho yena.”


Morena a re ho yena: “Ke tla boela ke o etela hape isao, ka yona nako ena, mme bona, mosadi wa hao Sara o tla be a se a ena le mora.” Sara o ne a ntse a utlwa, a eme monyakong wa tente, kamorao ho bona.


Moradi e moholo a re ho e monyenyane: “Ntata rona o se a tsofetse, mme ha ho na monna lefatsheng ya ka kenang dikobong tsa rona ka mokgwa wa batho ba lefatshe lohle.


Modimo o ne a kwetse dipopelo tsa ba lelapa la Abimeleke ka baka la Sara, mosadi wa Aborahama.


Isaka a rapella mosadi wa hae ho Morena, hobane e ne e le nyopa, mme Morena a utlwa thapelo ya hae, Rebeka mosadi wa hae ya eba moimana.


Monna a re: “Mosadi eo o nneileng yena, hore a be le nna, o mphile tse tswang sefateng, mme ka fela ka ja.”


Jwale ho Adama a re: “Kahobane o mametse polelo ya mosadi wa hao, wa ja sefate seo ke ileng ka o laela, ka re: ‘O se ke wa se ja,’ mobu o rohakehile ka baka la hao. O tla ja tse tswang ho wona ka ho sebetsa ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.


Modimo a hopola Ragele, a mo mamela, a mo fa thari.


Jwale Ragele a re: “Modimo o nkahloletse, ebile o utlwile thapelo ya ka, mme o mphile mora.” Ka baka leo, a mo rea lebitso la Dane.


Ruri bana ke lefa le tswang ho Morena, tholwana ya popelo ke moputso.


Haeba monga lona a le nyadisitse, mme mosadi eo a le tswalla bara kapa baradi, mosadi eo le bana bao e tla ba ba monga lona, mme lona le tla itsamaela le le inotshi.


Batho bohle ba neng ba le kgorong ya motse, ba re: “Re dipaki!” Baholo ba re: “Morena a ke a etse hore mosadi enwa ya tla kena ka tlung ya hao, a ke a be jwaloka Ragele le Lea, ba neng ba tswalle Iseraele bana. O ke o atlehe Eferata, mme o tume Betlelehema.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos