Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 12:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Faro o etsa Abrame hantle ka baka la Sarai, mme Abrame a rua dinku, le dikgomo, le diesele, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le diesele tse tshehadi, le dikamele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ka baka la mosadi eo, Aborame a baballeha. A newa mehlape ya dinku le ya dikgomo, makgoba a banna le a basadi, ditonki tse tona le tse tshehadi, le dikamele.

Ver Capítulo Copiar




Genese 12:16
13 Referencias Cruzadas  

Abrame o ne a ruile makgomo, le silefera, le kgauta haholoholo.


Empa naha e ne e sa ba lekane ho dula hammoho, hobane maruo a bona a ne a le maholo, mme ba sitwa ho dula hammoho.


Sarai, mohatsa Abrame, o ne a sa mo tswalle bana, empa o ne a na le lekgabunyane le tswang Egepeta, le bitswang Agare.


Yaba Abimeleke o nka dinku, le dikgomo, le bahlanka, le makgabunyane, a di abela Abrahama, a ba a kgutlisetsa Sara mosadi wa hae ho yena.


Jehova o hlohonolofaditse mong a ka haholo, ebile ke motho e moholo, mme o mo neile manku le makgomo, le silefera, le kgauta, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le dikamele le diesele.


A rua mehlape ya manku, le mehlape ya makgomo, le bahlanka ba bangata, Bafilesta ba ba ba mo honohela.


Monna eo a rua haholoholo, a ba le mehlape e mengata, le bahlanka ba batshehadi, le bahlanka ba batona, le dikamele, le diesele.


ke bone dikgomo, le diesele, le dinku, le bahlanka, le makgabunyane, mme ke romela ho tsebisa morena ka, hore ke tle ke fumane mohau mahlong a hao.


Leruo la hae e ne e le dinku tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dikgomo tse lekanang dijoko tse makgolo a mahlano, le diesele tse tshehadi tse makgolo a mahlano, le bahlanka ba bangata; monna eo o ne a fetisa banna kaofela ba Botjhabela ka boholo.


Mme Jehova a hlohonolofatsa qetello ya Jobo ho fetisa qalo ya hae; a rua dinku tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse lekaneng dijoko tse sekete, le diesele tse sekete tse tshehadi.


Empa ekare ha mohlanka eo a ka bua pelong ya hae, a re: Morena wa ka o diehile ho tla; mme jwale a qala ho otla bahlanka ba batona le ba batshehadi, a eja, a enwa, a tahwa,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos