mme ke itse: Ke tla le ntsha mahlomoleng a Egepeta, ke le ise lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Baheve, le la Bajebuse, lefatshe le kollang lebese le dinotshi.
Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.
Yare ha a fihlile mose wane, naheng ya Bagadarene, a kgahlanyetswa ke batho ba babedi ba nang le batemona, ba tswa mabitleng; e ne e le ba hlanyang hampe, hoo ho neng ho se motho ya ka betang pelo ho feta ka tsela eo.
Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a se a o kentse lefatsheng leo o yang ho le rua, mme a se a faladitse ditjhaba tse ngata pela hao, Bahethe, le Bagirgashe, le Baamore, le Bakanana, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, tjhaba tse supileng tse o fetang ka bongata le ka matla,
Joshua a re: Hoo le tla tseba ka hona hobane Modimo o utlwang o hara lona, le hobane o tla lelekisa ruri pela lona Bakanana, le Bahethe, le Baheve, le Baferese, le Bagirgashe, le Baamore, le Bajebuse;