Modimo wa ntatao o o thusitseng, Ya matla wohle ya o hlohonolofaditseng ka mahlohonolo a lehodimo le o okametseng, le ka mahlohonolo a bodiba bo dutseng katlase, le ka mahlohonolo a matshwele le a popelo.
Eksoda 18:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) lebitso la e mong e le Eliesere, hobane a na a itse: Modimo wa ntate ebile thuso ya ka, mme o nnamoletse lerumong la Faro. BIBELE Lebitso la mora e mong wa hae e ne e le Eleesare, hobane Moshe o ne a re: “Modimo wa bontate o ile a nthusa, mme o ile a nnamolela ha Faro a ne a mpolaya ka sabole.” |
Modimo wa ntatao o o thusitseng, Ya matla wohle ya o hlohonolofaditseng ka mahlohonolo a lehodimo le o okametseng, le ka mahlohonolo a bodiba bo dutseng katlase, le ka mahlohonolo a matshwele le a popelo.
Bara ba Eliesere, e moholo ke Rehabia. Eliesere o ne a se na bara ba bang; empa bara ba Rehabia ba ne ba le bangata.
o nnamolelang direng tsa ka! O mphahamisitse hodima ba neng ba ntwantsha, o mphonyohisitse ho monna ya bohale!
Faro a re ho yena: Tloha ho nna, o itemohele, o se ke wa hlola o bona sefahleho sa ka, hobane ka tsatsi leo o bonang sefahleho sa ka ka lona, o tla shwa.
Eitse ha Faro a utlwa taba eo, a batla Moshe hore a mmolaye. Yaba Moshe o thobela Faro, a ya ahella naheng ya Midiane; a fihla a dula pela seliba.
Yaba Moshe o nka mosadi wa hae le bara ba hae, a ba palamisa diesele, a kgutlela lefatsheng la Egepeta. Moshe a nka lere la Modimo letsohong la hae.
Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe.
Ebile moo Petrose a elellwang, a re: Jwale, ke tseba kannete hobane Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse letsohong la Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda.
Jwale, ka baka la polelo eo, Moshe a baleha, a ya jaka naheng ya Midiane, mme a tswala bara ba babedi teng.
Empa Morena a nkemela, mme a nkenya matla, hore polelo ya Evangeli ya hae e phethehe ka nna, mme ditjhaba tsohle di e utlwe; mme ke namoletswe molomong wa tau.
ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitswe dipabong tsa bona, ba entswe dinatla ntweng, ba qhadile makgotla a dira.
Ka baka leo, re ka re ka tshepo: Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshoha letho; motho a ka nketsang?