Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 18:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jethro, mohwehadi wa Moshe, a tla le bara ba Moshe le mosadi wa hae ho yena lefeelleng, moo a neng a emisitse teng thabeng ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ha Moshe a le lehwatateng, thabeng ya Modimo, moo a neng a hlomile teng, mohwe wa hae Jethero, a fihla moo a ena le bara ba Moshe, le mosadi wa Moshe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 18:5
10 Referencias Cruzadas  

A tsoha, a ja, a nwa, mme ka matla a dijo tseo a tsamaya matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, a ba a fihla Horebe, thabeng ya Modimo.


A tsebisa Moshe, a re: Nna, Jethro, mohwehadi wa hao, ke tla ho wena ke na le mosadi wa hao, le bara ba babedi ba hae bao a nang le bona.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho setjhaba, o se hlwekise kajeno le hosasane: ba hlatswe diaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima thaba ya Sinai, mahlong a setjhaba kaofela.


Eitse ha ba tloha Refidime, ba fihla lefeelleng la Sinai, ba hloma ditente lefeelleng; Iseraele a hloma ditente malebana le thaba.


Jehova a theohela hodima thaba ya Sinai, qhoweng ya thaba; Jehova a biletsa Moshe qhoweng ya thaba, mme Moshe a nyoloha.


Moshe a tloha a ena le Joshua ya mo sebeletsang; Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo.


Moshe a nna a alosa manku a Jethro mohwehadi wa hae, moprista wa Midiane; mme a isa mohlape kapele ho lefeella, a fihla thabeng ya Modimo, Horebe.


Wa re: Ke tla ba le wena, mme pontsho ya hobane ke nna ke o romang, e tla ba ena: Mohla o ntshang setjhaba Egepeta, le tla tla sebeletsa Modimo hodima thaba ena.


Jehova o ne a itse ho Aarone: Tsamaya, o yo kgahlanyetsa Moshe lefeelleng. O na be a ile, a mo fumana thabeng ya Modimo, a mo aka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos