Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 18:4 - BIBELE

4 Lebitso la mora e mong wa hae e ne e le Eleesare, hobane Moshe o ne a re: “Modimo wa bontate o ile a nthusa, mme o ile a nnamolela ha Faro a ne a mpolaya ka sabole.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 lebitso la e mong e le Eliesere, hobane a na a itse: Modimo wa ntate ebile thuso ya ka, mme o nnamoletse lerumong la Faro.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 18:4
19 Referencias Cruzadas  

Modimo wa ntatao a ke a o thuse, yena Ya Matla wohle a ke a o hlohonolofatse, ka mahlohonolo a tswang hodimo, lehodimong, ka mahlohonolo a tswang madibeng katlasa lefatshe, ka mahlohonolo a ho tswala le ho nyantsha.


Bara ba Moshe e ne e le Gereshome, le Eleesere.


ya bara ba Eleesere e le Rehabeya. Eleesere o ne a se na bara ba bang, empa bara ba Rehabeya ba ne ba le bangata haholo.


Sa motsamaisi wa dibini. Sefela sa Davida, mohlanka wa Morena, seo a neng a se binele Morena, mohla Morena a mo namoletseng matsohong a dira tsa hae, le matsohong a Saule,


Modimo ya ntshitsang ka diphetetso, ya beang ditjhaba tlasa ka.


A re tlotliseng Morena re le mmoho, a re phafeng lebitso la hae, re le phafe hammoho.


Sefela sa bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: Se binwe ka lentswe le lesesanyane.


Faro a re ho Moshe: “Tloha pela ka! O itlhokomele, ke se hlole ke o bona hape, hobane mohla nka tshohang ke o bona hape, ke tla o bolaya!”


Yare ha Faro a utlwela taba ena, a batla ho bolaya Moshe. Empa Moshe a baleha Faro, a tshabela naheng ya Midiane, a fihla a dula pela sediba sa moo.


Sefora a tswala mora, mme Moshe a mo rea lebitso la Gereshome, hobane o ne a re: “Nna ke mojaki naheng ya baditjhaba.”


Yaba Moshe o nka mosadi wa hae, le bara ba hae, o ba palamisa tonki, o kgutlela naheng ya Egepeta. Moshe a nka le molamu wa Modimo ka letsohong la hae.


Modimo wa ka o ile a romela lengeloi la hae hore le thibe melomo ya ditau, di se ke tsa nketsa letho, hobane o fumane ke se na molato, mme le wena kgosi, ha ke eso o etsetse bobe ba letho.”


Petrose ha a re qwatsi! Yaba o re: “Jwale ke tseba kannete hore Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse matsohong a Heroda le ho tsohle tse neng di lebeletswe ke setjhaba sa Bajuda.”


Moshe ha a utlwa polelo ena, a baleha ya eba mojaki naheng ya Midiane, moo a ileng a tswalla bara ba babedi teng.


Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau.


ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.


Ke ka baka leo re leng sebete ho re: “Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshaba letho. Motho a ka nketsang?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos