Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 18:3 - BIBELE

3 le bara ba hae ba babedi. Lebitso la e mong wa bona e ne e le Gereshome, hobane Moshe o ne a re: “Ke bile mojaki naheng ya baditjhaba.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 a nka le bara ba hae ba babedi, lebitso la e mong e le Gershome, hobane a na a itse: Ke bile mojaki naheng esele;

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 18:3
8 Referencias Cruzadas  

Bara ba Moshe e ne e le Gereshome, le Eleesere.


O kgalemela motho ka ho mo otla, ka ho mo otlela melato ya hae, o fedisa seo a se ratang jwalokaha eka se jewa ke tshwele. Ruri motho ke lefeela.


Sefora a tswala mora, mme Moshe a mo rea lebitso la Gereshome, hobane o ne a re: “Nna ke mojaki naheng ya baditjhaba.”


Yaba Moshe o nka mosadi wa hae, le bara ba hae, o ba palamisa tonki, o kgutlela naheng ya Egepeta. Moshe a nka le molamu wa Modimo ka letsohong la hae.


Moshe ha a utlwa polelo ena, a baleha ya eba mojaki naheng ya Midiane, moo a ileng a tswalla bara ba babedi teng.


Batho bao kaofela ba ile ba shwela tumelong, ba eso amohele tseo ba neng ba di tshepisitswe, empa ba di bonetse hole feela, ba di thabetse, mme ba ipoletse hore ke baeti le bajaki lefatsheng lena.


Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.


Bana ba Dane ba hloma setshwantsho se betlilweng. Jonathane, mora wa Gereshome, setloholo sa Moshe, yena le bara ba hae ya eba baprista ba morabe wa Dane, ho fihlela mohla letsatsi leo ka lona ho hapuwang naha ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos