Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 2:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 A tswala mora, a mo rea lebitso la Gershome, a re: Ke mojaki naheng ya ditjhaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Sefora a tswala mora, mme Moshe a mo rea lebitso la Gereshome, hobane o ne a re: “Nna ke mojaki naheng ya baditjhaba.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 2:22
15 Referencias Cruzadas  

Ke moditjhaba le mojaki hara lona; nneeng setsha sa mabitla hara lona, e be sa ka, ke tle ke pate mofu wa ka teng, a tloswe pela ka.


ba ntse ba phanyaphanya hara ditjhaba le mebuso le merabe.


Re basele pela hao, re bajaki jwaloka bontata rona kaofela; ditshiu tsa rona lefatsheng e ka moriti; mme ho dula ha ho yo.


Ke osele lefatsheng, o se ke wa mpatela ditaelo tsa hao.


Utlwa thapelo ya ka, Jehova, o sekehele mohoweletso wa ka tsebe! O se ke wa thibana ditsebe, ha ke ntse ke lla, hobane ho wena ke moeti le mofeti jwaloka bontate kaofela.


Eitse ha ngwana a hodile, a mo tlisa ho moradi wa Faro, mme ya eba mora wa hae, a mo rea lebitso la Moshe, a re: Ke hobane ke mo ntshitse metsing.


O se ke wa hatakela le ho tuba moditjhaba, hobane le lona le bile baditjhaba lefatsheng la Egepeta.


Yaba Moshe o nka mosadi wa hae le bara ba hae, a ba palamisa diesele, a kgutlela lefatsheng la Egepeta. Moshe a nka lere la Modimo letsohong la hae.


Masimo a se ke a rekiswa ka ho ela ruri, hobane naha ke ya ka, etswe lona le le baditjhaba, le ba ikaheletseng ha ka.


Jwale, ka baka la polelo eo, Moshe a baleha, a ya jaka naheng ya Midiane, mme a tswala bara ba babedi teng.


Bana ba Dane ba ikemisetsa setshwantsho se betlilweng. Jonathane, mora Gershone, mora Moshe, le bara ba hae, ya eba baprista ba leloko la Dane, ho fihlela mohla ba naha eo ba iswang kgolehong.


Ha isaisa, Anna a emola, mme a tswala moshemane, a mo rea lebitso la Samuele (Modimo o utlwile), ka ho re: Ke mo kopile ho Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos