Yaba Moshe o a tsamaya, a boela ho Jethro mohwehadi wa hae, a re ho yena: Ako ntumelle, nke ke boele ho banabeso ba Egepeta, ke bone hore na ba sa ntse ba phedile na. Jethro a re ho Moshe: Tsamaya ka kgotso.
Moshe a re ho Hobabe mora Reuele, Momidiane, mohwehadi wa Moshe: Re a tloha, re ya sebakeng seo Jehova a itseng: Ke tla le nea sona. Tloo le rona; re tla o etsa hantle; hobane Jehova o itse o tla etsa Iseraele hantle.