Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba o re ho baradi ba hae: Homme o kae? Monna eo le mo sietseng? Mmitseng, a tlo ja bohobe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Yaba o re ho baradi ba hae: “O kae monna eo? Le ne le mo sielang? Mmitseng, a tlo ja!”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 2:20
12 Referencias Cruzadas  

Ke tla tlisa sengwathwana sa bohobe, le ke le hlaphole dipelo tsa lona, le ntoo feta; hobane ke ka baka leo le fetang pela mohlanka wa lona. Ba re: Etsa jwalokaha o boletse.


Yare ha Labane a utlwa ditaba tsa Jakobo, mora kgaitsedie, a titima, a mo kgahlanyetsa, a mo phothoma, a mo aka, a mo tlisa ka tlung ya hae. Yaba o bolella Labane ditaba tseo kaofela.


Jakobo a hlaba sehlabelo thabeng, a bitsa bahabo ho tla ja bohobe; yaba ba ja bohobe, ba robala thabeng.


Ba lokisa nyehelo ho e beela Josefa ha a etla motshehare; ka hoba ba ne ba utlwile hore ba tla ja teng.


ha eba hase nnete hobane moeti o ne a se na ho hlola bosiu kantle, hobane ke ne ke ntse ke buletse baeti monyako wa ka;


Yaba banababo bohle, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle bao a neng a tsebana le bona pele, ba tla ho yena, ba ja le yena ka tlung ya hae, ba hlakola meokgo ya hae, ba mo tshedisa hodima bohloko bohle boo Jehova a neng a bo tlisitse hodima hae; e mong le e mong a mo nea sekoto sa silefera le lesale la kgauta.


Ba re: Moegepeta o re namoletse matsohong a badisa, a ba a re kgella metsi, a nosa dinku.


Moshe a rata ho aha ha monna eo, mme a mo nyadisa Sefora, moradi wa hae.


ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.


Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos