Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 2:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Eitse ha Faro a utlwa taba eo, a batla Moshe hore a mmolaye. Yaba Moshe o thobela Faro, a ya ahella naheng ya Midiane; a fihla a dula pela seliba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Yare ha Faro a utlwela taba ena, a batla ho bolaya Moshe. Empa Moshe a baleha Faro, a tshabela naheng ya Midiane, a fihla a dula pela sediba sa moo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 2:15
17 Referencias Cruzadas  

Teng a kgumamisa dikamele kantle ho motse, pela sediba sa metsi, nakong ya mantsiboya, motsotsong oo basadi ba tswelang ho kga metsi.


Mosadi eo a mo tswalla Simrane, le Jokshane, le Medane, le Midiane, le Jishbake, le Shua.


Bara ba Midiane ke Efa, le Efere, le Henoke, le Abida, le Eldaa: bohle bao ke bara ba Ketura.


Jwale a tadima, a bona sediba naheng, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothileng pela sona, hobane mehlape e ne e noswa sedibeng seo; letlapa le neng le beilwe hodima molomo wa sediba le ne le le leholo.


Ba tloha Midiane, ba tla Parane; ba nkana le banna ba bang ba Parane, ba fihla Egepeta ho Faro, morena wa Egepeta. Yena a mo nea ntlo, a mo abela dijo, a mo sehela le naha.


lebitso la e mong e le Eliesere, hobane a na a itse: Modimo wa ntate ebile thuso ya ka, mme o nnamoletse lerumong la Faro.


Jehova a re ho Moshe naheng ya Midiane: Tsamaya, o kgutlele Egepeta, hobane batho kaofela ba neng ba batla bophelo ba hao ba shwele.


Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; empa ya leebelo yena o ya pele, mme o wela tsietsing.


Ke bone ditente tsa Ethiopia di imelwa ke tlokotsi, ho thothomela le masela a ditente tsa lefatshe la Midiane.


Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele.


Sediba sa Jakobo se teng moo. Jesu, kahobane a ne a kgathetse ke tsela, a dula pela sediba; e ne e batla e le hora ya botshelela.


Jwale, ka baka la polelo eo, Moshe a baleha, a ya jaka naheng ya Midiane, mme a tswala bara ba babedi teng.


Ka tumelo, o kile a tloha Egepeta, a sa tshabe bohale ba morena, kahobane o ne a tiya jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos