Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 2:15 - BIBELE

15 Yare ha Faro a utlwela taba ena, a batla ho bolaya Moshe. Empa Moshe a baleha Faro, a tshabela naheng ya Midiane, a fihla a dula pela sediba sa moo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Eitse ha Faro a utlwa taba eo, a batla Moshe hore a mmolaye. Yaba Moshe o thobela Faro, a ya ahella naheng ya Midiane; a fihla a dula pela seliba.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 2:15
17 Referencias Cruzadas  

A kgumamisa dikamele kantle ho motse, pela sediba, mantsiboya, e leng nako eo basadi ba kgang metsi ka yona.


Mosadi enwa a mo tswalla Simerane, le Jokoshane, le Medane, le Midiane, le Jishebaka, le Shua.


Bara ba Midiane e ne e le Efa, le Efere, le Hanoke, le Abida, le Eledaa. Bana bohle e ne e le bara ba Ketura.


Ha a tadima, a bona sediba hara thota, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothile pela sona, hobane mehlape eo e ne e nweswa sedibeng seo. Lejwe le kwahelang molomo wa sediba le ne le le leholo.


Ba tloha Midiane, mme ha ba fihla Parane, ba nka banna ba Parane ba ya le bona Egepeta, ho Faro, kgosi ya Egepeta. Kgosi ya Egepeta ya nea Hadade ntlo, ya mo fepa, ya mo abela naha.


Lebitso la mora e mong wa hae e ne e le Eleesare, hobane Moshe o ne a re: “Modimo wa bontate o ile a nthusa, mme o ile a nnamolela ha Faro a ne a mpolaya ka sabole.”


Jwale Morena a re ho Moshe, a le Midiane: “Tsamaya, o kgutlele Egepeta, hobane batho bohle ba neng ba batla ho o bolaya ba shwele.”


Motho ya sedi o bona kotsi, a e balehe; ya se nang tsebo o hahamalla pele, a be a yo wela.


Ke bone baahi ba Kushane ba tshohile haholo, le baahi ba Midiane ba otlanya mangwele.


Ha ba le hlorisa motseng o mong, balehelang ho o mong, hobane ruri ke a le bolella, ha le ka ke la qeta metse ya Iseraele Mora Motho a eso tle.


Sediba sa Jakobo se ne se le hona moo. Kaha Jesu a ne a kgathetse ke leeto, a dula sedibeng; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.


Moshe ha a utlwa polelo ena, a baleha ya eba mojaki naheng ya Midiane, moo a ileng a tswalla bara ba babedi teng.


Ka tumelo a tswa Egepeta, a sa tshoswe ke kgalefo ya kgosi; a tiisetsa jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos