Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 2:14 - BIBELE

14 Eo a araba, a re: “Ke mang ya o beileng hore o be mmusi le moahlodi wa rona? O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta?” Yaba Moshe o a tshoha, o re: “Ruri taba ena e a tsejwa!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Eo a re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Na o rata ho mpolaya, jwalokaha o bolaile Moegepeta na? Yaba Moshe o a tshoha, a re: Ruri taba eo e a tsejwa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 2:14
17 Referencias Cruzadas  

Yaba Aborame o re ho Lota: “Ke a o rapela, qabang a e ke e be siyo pakeng tsa rona le wena, le pakeng tsa badisana ba ka le badisana ba hao, hobane re bana ba motho.


Empa banna ba Sodoma ba re: “Suthela kwana!” Yaba ba re: “Mothwana enwa ke mojaki feela, empa o rata ho re laela! O rata ho ba moahlodi! Jwale re tla o etsa hampe le ho feta bona!” Ba etsa senkgome hodima Lota, mme ba atamela hore ba robe lemati.


Bara ba Jakobo ba fihla ho ba bolailweng, ba hapa matlotlo a motse wohle, kaha kgaitsedi ya bona e ne e tlontlollotswe.


Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, mohau wa yona o jwaloka phoka hodima jwang.


Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha.


Na ke ntho e nyenyane hore ebe o re ntshitse naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi, ho tla re bolaela lehwatateng moo? Jwale o so ikentse mmusi wa rona?


Ba ikopanya, ba lwantsha Moshe le Arone, ba re ho bona: “Kgale re le mameletse! Setjhaba sena sohle se a halalela, mme Morena o teng hara sona. Ke ka baka lang ha le iphahamisa, le ipea kahodima setjhaba sa Morena?”


Hoba Jesu a kene ka Tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena a ntse a ruta, ba re: “Ke ka matla afe o etsang tsee? Matla aa o a neilwe ke mang?”


Jesu a re ho yena: “Monna heso, ya mpeileng moahlodi kapa moaroledi wa lona ke mang?”


“Empa kaha baahi ba naha ya hae ba ne ba mo hloile, ba mo sadisa baromuwa morao, ba re: ‘Ha re rate ha eo a rena hodima rona.’


Empa dira tsena tsa ka, tse sa kang tsa rata ha ke rena hodima tsona, di tliseng kwano, le di bolaele kapela ka.”


“Moshe enwa, eo ba neng ba mo latole, ba re: ‘Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi?’ ke yena eo Modimo a mo romileng ka thuso ya lengeloi, le iponahaditseng sehlahleng, ho ba mmusi le molopolli.


Ka tumelo a tswa Egepeta, a sa tshoswe ke kgalefo ya kgosi; a tiisetsa jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos